Kgwedi ya Phato e tsejwa haholo ka hore ke kgwedi ya bohlokwa ho Basotho, ke moo teng Basotho ba ikgantshang ka setso sa bona.
Makgolo a Basotho ho kenyeletsa Tonakgolo ya Foreistata Sisi Ntombela le Letona le bonono le setso Limakatso Mahasa, ba ketekile Selemo se Setjha sa Basotho Motseng wa Setso sa Basotho Qwa Qwa.
Mokete ona o tshwarwa selemo le selemo ho elela tsela ya tlhaho ya ho fana ka bophelo bo botjha ka mora nako ya mariha.
Mokete wa Selemo se Setjha o qala ka Phato, e tsejwang ka meya e fokang, e hlwekisang le ho kgatholla naha ka dipula tsa selemo.

Setjhaba sa Basotho se keteka qaleho ya selemo ka ditlwaelo tse fapaneng jwalo ka Mokete wa lewa, moo mekete e qalang ka mora kotulo, ho leboha Modimo le badimo ka dijo tse kotutsweng.
Dijo tsa setso le merapelo ya Sesotho e bile tlhophiso ya letsatsi ha Basotho ba ile ba amohela mafube a sehla se setjha.
Modula-setulo wa Ntlo ya Baetapele ba Setso Foreistata Morena Neo Mopeli o re, ho bohlokwa hore Basotho ba baballe meetlo ya bona.
“Ho bohlokwa haholo ho rona re le setjhaba sa Basotho ho keteka Selemo sena se Setjha hobane se re thusa re le setjhaba ho ruta batjha ba rona tsebo le mekgwa ya matswallwa, ka moo maqheku a neng a phela ka teng matsatsing a kgale.”
Tonakholo Ntombela o itse ho tshwarwa ha banna ba bang ba Basotho Krugersdorp, profenseng ya Gauteng ka mora peto ya basadi ba robedi ke ketso e hlabisitseng Basotho dihlong.
“Ho bohlokwa haholo hore setjhaba se utlwisise bohlokwa ba puo ya sona ka ha ho na le polelo e reng “setjhaba se senyang puo ya sona se a itshenyetsa”. Kahoo ke habohlokwa ho tseba hore na o tswa hokae le hore naa o ya hokae,” ho boletse Ntombela.








