Moporesidente wa Mokgatlo wa Maoto wa Aforika Borwa (SAFA), Danny Jordaan, o rorisitse Banyana Banyana ka mora hore sehlopha sa mokwetlisi Desiree Ellis se fihlele makgaola-kgang a Mohope wa Dinaha tsa Aforika (WAFCON) ka Mantaha bosiu.
Sehlopha sa naha sa basadi ba Afrika Borwa se tsheheditsweng ke SASOL se hlotse Zambia 1-0 papading ya makgaola-kgang moo teng ba ithotseng ba fihlela sehlohlolong sa makgaola-kgang a latellanang a WAFCON kamora ho bapala le Nigeria kgatisong ya 2018 ya tlhodisano.
“Banyana Banyana ba fihletse mosebetsi ona ka Letsatsi la [Nelson] Mandela, mme ba o tshwaya ka ho iphumanela sebaka makgaolakgannyeng. Re romela diteboho tsa rona ho sehlopha kamora boikitlaetso bona bo boholo,” Jordaan o boletse.
Banyana ba fumane tlholo e ntle haholo ho tloha sebakeng sa kotlo ka mora hore Linda Motlhalo a otle kotlo nako ya kgefu.
Banyana e tlo tobana le Morocco makgaola-kgang.





