- Man shot dead outside tavern, girlfriend wounded in suspected hit - July 20, 2025
- Elderly couple murdered in robbery at Angelo informal settlement - June 25, 2025
- Mass shooting in Angelo squatter camp leaves one dead and six injured - October 10, 2024
Mokgahlo wa uMkhonto weSizwe (MKP), o eteletsweng pele ke moporesidente wa mehleng e leng Jacob Zuma, o belaella hore ho bile le moritaoke o entsweng mabapi le kotsi ya koloi, eo a amehileng ho yona ka labone thapama. Ho ya ka mokga, kotsi ena e ntswe ka morero wa ho mo sitisa pele ho dikgetho.
Ya eteletseng mokga pele dikgethong e leng Musa Mkhize, haa bua le SABC news ka labohlano, o itse Zuma o ne a le leetong ho tswa Nkandla ho ya eShowe, Kwazulu-Natal ka labone bosiu, a ya le letsholong la ho theolela mokha wa hae bakeng sa dikgetho tse tla etsahala, ha a tla ameha kotsing ya koloi.
“Ha re dumele hore e bile kotsi ya ho thulana ha dikoloi feela, re belaela bobodu le moritaoke o bileng teng, ka ha ho bile le batho ba buileng mantswe a sisimosang mmele kgahlanong le Msholozi.
Ba itse o tla iphumana a le tlung ya bookelo nakong ya dikgetho,” ho bolela Musuwa Mkhize, moetapele ya
mokga wa Kwazulu-Natal.
“Moporesidente wa mehleng Jacob Zuma, o phonyohile kotsing ya koloi ka mora hore koloi e neng e mo palamisitse e thulane le enngwe ya mokganni ya neng a le tlasa tshusumetso ya tahi,” ho boletse sepolesa.
Ketsahalo ena e etsahetse dihora ka mora hore basebeletsi ba IEC ba thibele Zuma ho iteka dikgethong tsa kakaretso tse tla tshwarwa ka 29 Motsheanong. Zuma le balebedi ba hae ba phonyohile ntle le dikotsi.
Mmuelli wa mokga Nhlamulo Ndhlela, o belaela hore kotsi ena e entswe ka morero.
Ministara wa sepolesa ya ikarabellang mabapi le tshireletso ya Zuma, o na le dilemo tse robedi a sa ntlafatse koloi ya Zuma, e bile ke yena ya boletseng pejana hore o tla tsetela Zuma,” Ndhlela o tlalehetse AFP news Agency.
“Ho teng pinyane tabeng tsena,” o boletse seo ka pelaelo ya hore koloi ya Zuma e ne e hlwahilwe motjheng wa dikoloi tse neng di le mmileng oo kotsi e etsahetseng ho yona.
Mokaubere wa mokgahlo o busang wa ANC, o ne a theolela mokga wa hae o sa tswa thehwa(MKP) bolelang (lerumo la setjhaba),bakeng sa dikgetho ka maikemisetso a ho kgutlisetsa serithi le boleng ba mosebetsi wa hae ka mora ho pantitela ho tlola molao wa lekgotla la dinyewe ka 2021.
Zuma o theohile setulo sa boporesidente ka 2018, ka lebaka la ho qoswa ka bobodu, ya ba ho kgethwa MoPresidente ya ntseng a tshwere mokobobo Cyril Ramaphosa.


