Tonakgolo Ntombela o kopa hore ho be le kgutso ka mora koduwa enngwe hape motseng wa Jagersfontein

Tonakgolo ya Foreistata Sefora ‘Sisi’ Ntombela o kopa hore ho be le kgutso ka mora hore motse wa Jagersfontein, o hlaselwe ke koduwa enngwe hape moo teng marako a letamo e ileng a aparela teropo eohle.

Ho ile ha putlama ha letamo le leng hape motseng ona o tobaneng le mathata maobane bosiu, 27 Lwetse.

Ka mora tsietsi ena, Ntombela o kopile baahi hore ba seke ba tshoha.

Palesa Chubisi, mmuelli wa tonakgolo ya Foreistata Ntombela, o itse Tonakgolo Ntombela o ikuetse [ho] setjhaba hore se se ke sa tshoha ka ha sehlopha sa dikoduwa ​​sa porofense se kentswe tshebetsong sebakeng se amehileng.

“Mmuso wa porofense o ntse o leka ho fumana hore na phallo ya metsi ke bokae. Leha ho le jwalo, ho utlwahala hore metsi a ntse a phalla tikolohong ya Charlesville le polasing e haufi ya Dennis Louw,” ho hlalosa Chubisi.

Dibeke tse fetang tse pedi tse fetileng, baahi ba makgolo ba ile ba sala ba se na mahae ka mora hore lebota la pele la letamo le putlame.

Ka lebaka leo, motho a le mong o ile a shwa, ha batho ba babedi ba ntse ba le nyametseng mme ha ba so fumanwe.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights