Mmuso wa Foreisetata o re otlo qala ka mosebetsi o moholo wa ho tlo aha matlo a ka bang 160 ho thusa baahi ba Jagersfontein ho bale mahae. ka more koduwa e kgolo ya ho phatloha ha letamo moo teng le ileng la senya matlo.
Tonakgolo ya porofense Sisi Ntombela, o itse porofinse e tla be e thusa malapa a amehileng ka matlo a matjha hang-hang kantle ho senyo ya nako.
Mosebetsi wa kaho o se o qadile ho tloha ka Mantaha ona hoseng.
Ho ile ha hoholwa diterata tse pedi tsa teropo, mme matlo a ka bang 51 motseng wa Charlesville le a 113 a Itumeleng a ile a ameha ke koduwa ena.
Ho ya ka Ntombela, morero ona o tla phethwa pele kgwedi ya Tshitwe e fela.
“Baahi bohle ba amehileng ba na le monyetla wa ho kgetha moralo oo ba o ratang pele meaho e ahwa,” ho rialo Ntombela.
Kamora koduwa e ileng ya otla toropo ya Jagersfontein e Foreisetata, Moporesidente Cyril Ramaphosa le Letona la Mehlodi ya Diminerale Gwede Mantashe ba ile ba etela sebaka seo, mme ba hlahloba tshenyo e ileng ya ba teng sebakeng seo.






