- Meet the teenager who wears many hats! - August 24, 2022
- Thabong SAPS roll-out crime combating awareness to educate women - August 22, 2022
- SA Medical Association Chairperson Mvuyisi Mzukwa recovering after stabbed multiple times - August 22, 2022
Maponesa a tswile mohato ka ho fumana moahi wa Ethiopia ya ileng a kwetelwa ke banna ba bararo motseng wa Bethlehema.
Sebuelli sa seponesa, Mmako Mophiring, o re Desale Endrias Ymer ya dilemo di 42, eo e leng ngwanabo motho ya lahlehileng Mahomed Seido, o re o ile a fumana mohala o tswang ho motswalle wa moena wa hae hoseng ka Labone la la 28 Phupu, a mo tsebisa hore Seido o e ile a kwetelwa sebakeng sa Bethlehema.
“O ile a boela a bolela hore moena wa hae o ile a isa batho ba bang Tshwane, profenseng ya Gauteng, mme a kgutla letsatsing lona leo hara mpa ya bosiu Bethlehema,” ho rialo Mophiring.
“Ka tshohanyetso o ile a bona koloi ya Honda FRV six seater grey eo ka yona banna ba bararo ba MaEthiopia ba ileng ba theoha koloing yaeba ba toba mofu ba mo hulela ka ntle ho koloi ba mo sutumelletsa ka koloing ya bona,” ho tlaleha Mophiring.
Ho bolelwa hore mohlaseduwa ha aa ka a bonwa ka mora moo.
Maponesa a kopa mang kapa mang ya ka bang le lesedi mabapi le ho fumana lehlatsipa kapa babelaelwa hore a founele maponesa nomorong ya 082 554 3450 kapa (058) 307-5700, kapa nomoro ya Crime Stop ho 08600 10111.




