Lefapha la mesebetsi ya setjhaba Foreistata le ipiletsa ho baahi ba Foreistata ho nka karolo dikopanong tsa ditherisano le setjhaba mabapi le leano la Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba le tsebahalang ka (EPWP).
Dikopano tsena tsa ditherisano le setjhaba ke karolo ya tsamaiso e batsi ya ditherisano le setjhaba eo lefapha le e phethahatsang ho kopa dikeletso tsa maAforika Borwa mabapi le ho bopa leano la naha le mabapi le EPWP.
“Re ipiletsa ho batho bohle ba Foreistata ho tla dibokeng tsena tsa ditherisano, e le hore ba tle ba fane ka maikutlo a bona le maikutlo a bona mabapi le leano lena. Re lakatsa ho hatisa hore maikutlo a bona ha ho etsa leano lena ebe le bohlokwa molemong wa ho matlafatsa EPWP,” ho hlalosa mohokahanyi wa EPWP lefapheng la mesebetsi, Lungisani Dladla.
Dladla o nkile karolo ya sehlopha sa bahlanka ba DPWI, ba kgannang ho kenngwa tshebetsong ha dikopano tsena tsa ditherisano tsa setjhaba porofinsing ya Foreisetata.
Dikopano tsena tsa therisano le setjhaba di tla tshwarwa diterekeng tsohle tsa Foreistata.
Therisano ya setjhaba ka leano la EPWP e tla etsahala dibakeng tse latelang:
• Welkom – Thabong Indoor Sports Centre e Thabong ka la 21 Lwetse.
• Bloemfontein – Batho Community Hall Sebakeng sa Batho Mangaung ka la 23 Lwetse.
Ka Labobedi, lefapha la setjhaba le ile la buisana le baahi ba Kroonstad ka leano lena.
Ba bang ba batho ba bileng teng ke makhanselara a Masepala wa Lehae wa Moqhaka, bahlanka ba Masepala wa Metsimaholo, mekgatlo e sa etseng phaello e tswang ditoropong tse fapaneng tsa porofensi eo, hammoho le setjhaba sa Kroonstad.
Motlatsi wa Motsamaisi wa Ntlafatso ya dikgwebo tsa EPWP, Selaocwe Kabelo, o itse leano lena le tla thusa mmuso ho bua ka lentswe le le leng ka ditaba tsa EPWP.





