Kantoro ya Moporesidente e etela diporojeke tsa ntshetsopele ya meralo ya motheo ho phatlalla le Foreisetata

Jwaloka karolo ya ho lekola ntshetsopele ya meralo ya motheo e ntseng e tswela pele, ofisi ya Kantoro ya Moporesidente e etelletsweng pele ke Monghadi Kgosientso Ramokgopa e se e qadile ketelo ya matsatsi a mararo ya ho etela dibakeng tsa ditoropo ho phatlalla le Foreisetata.

Ramokgopa o qadile ketelo ya matsatsi a mararo ya lenaneo la kaho ea meralo ea motheo ka Laboraro la la 14 Mmesa 2021.

Lenaneo la tlhokomelo ya meralo ya motheo le batla ho lekola merero e fapaneng e kenyelletsang ho aha ha dikolo, dilaeborari le ditsi tsa bophelo tsa sechaba Porofinseng.

Nakong ea lenaneo la matsatsi a mararo la boitlamo, Ramokgopa o re o thabetse tsoelo-pele e seng e entsoe ho fihlela ha joale, mme o netefaditse baahi ba diterekeng tsa Mangaung Metro, Xhariep le Lejweleputswa hore merero e fapaneng ya dichelete e tla ba malala-a-laotsoe bakeng sa ho fana ka nako ya rekoto ho latela boholo ba phetho ya diporokeje tsena tse tswellang pele.

Puong ya hae ya setjhaba kgweding ya Hlakubele, Mopresidente Cyril Ramaphosa o tsetetse dibilione tsa liranta mererong ya meralo ya motheo ho netefatsa hore e sebetsa ka nako e le nngwe.

Nakong ya puo ya hae ya sehlooho bakeng sa Puo ea Naha Ramaphosa, o ile a totobatsa hore ntshetsopele ya meralo ya motheo e sebetsa e le tshiea ya mantlha ya leano la naha la ho hlasimolla moruo, mme ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho loantsha bofuma ka ho theha mesebetsi le ntshetsopele ya meralo ya motheo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights