Banyalani ba Ladybrand ba tsongwa ke sehlopha sa di-Hawks ka diqoso tsa bomenemene le tshebediso ya tjhelete.
Hoya ka mmuelli wa di-Hawks mokaptene, Christopher Singo, ho hlahella hore babelaellwa ba ile ba qhekenyetsa batho ka leano la bona la matsete mme ba baleha ka tjhelete ekang R600 000.
“Sehlopha sa di-Hawks sa Serious Commercial Crime Investigation se motseng wa Bethlehem, se ipiletsa ho setjhaba ho thusa ho latella Albert David Titus le Bonolo Millicent Titus ba ka thusang ho notlolla dipatlisiso mabapi le morero wa matsete wa bohata,” ho rialo Singo.
Singo o tlaleha hore ka selemo sa 2020, bahlaseluwa ba ile ba tsetela tjhelete ya bona morerong wa matsete wa bohata ka tshepiso ya ho kgutlisa tswala kamora matsatsi a mashome a mararo, 30.
“Bahlaseluwa ha baa ka ba fumana tjhelete ya bona jwalo kaha ba ne ba tshepisitse mme babelaellwa ha ba sa fumaneha moo ba sebetsang teng Ladybrand,” ho tlaleha Singo.
Ho tlaleha hore bahlaseluwa ba ile ba lahlehelwa ke kakaretso ya tjhelete e fetang R600 000.
Mang kapa mang ya nang le tlhahisoleseding e ka thusang seponesa ho fumana Albert le Bonolo jwalo ka ha ba hlwauwe setshwantshong se kgomaretsweng, a ka iteanya le ofiiri ya mofuputsi, Sidwell Mpholo ho 082 372 0386.
Tlhahisoleseding efe kapa efe e amohetsweng e tla sebetswa ka lekunutu le tiileng.





