Moqhekelli ya batlwang haholo-holo Foreistata o tshwerwe ke di-Hawks Gauteng

Di-Hawks di hlalositse hore, di qetelletse di tshwere moqhekelli ya ileng a tsongwa ka mora nako etelele, ka ho ba a utswe tjhelete tsa batho tseo ba disebeleditseng ka thata, ka morero wa hae wa matsete wa bohata.

Hoya ke sebuelli sa di-Hawks profising ya Foreistata, mokapotene Christopher Singo, mmelaelwa ya hlalositsweng eleng Moeketsi Ntshasa, o tshwerwe ka Mantaha, wa la 5 Phato motse-moholo Johannesburg, profinsing ya Gauteng moo a neng a balehetse teng.

Singo o hlalosa hore Ntshasa ya dilemo di 36, o ile a hlaha ka pelo lekgotla la dinyewe la Ladybrand ka labobedi, moo teng a neng a tobane le diqoso tsa bomenemene, boshodu ba tjhelete le tlolo ya molao wa boeletsi ba ditjhelete tsa dibanka.

Ho tlalehwa hore Ntshasa o ile a qhekenyetsa batletlebi ka tjhelete e fetang di millione tse leshome (R10-million) nakong ya 2018 le 2021.

“Batletlebi ba ile ba tsetela tjhelete ya bona khamphaning e tsejwang e le Integrated Investment Inn, ka tshepiso ya hore ba tla fumana tswala ya 10% nakong ya matsatsi a mashome a mararo,” ho tlaleha Singo.

“Batletlebi ha baa ka ba fumana tjhelete ya bona jwalo ka ha ba ne ba tshepisitswe, mme khamphani ha e sa le sebakeng seo e neng e sebeletsa ho sona motseng wa Ladybrand,” Singo wa eketsa.

Singo o re sehlopha sa Hawks Serious Commercial Crime Investigation sa Bethlehem, se ile sa lokolla polelo ho kopa thuso ya ho fumana moqosuwa ya ka thusang ho rarolla morero wa bohata Ladybrand.

O re maponesa a ile a fumana lesedi la hore moqosuwa o Gauteng.

Singo o re sehlopha sa di-Hawks se Johannesburg se ile sa latela mehato ya maoto mme sa tshwara mmelaelwa ka Mantaha.

Singo o re nyewe kgahlanong le Ntshasa e kgutliseditswe ho Labobedi wa la 23 Phato bakeng sa kopo ya semmuso ya beile.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights