- Meet the teenager who wears many hats! - August 24, 2022
- Thabong SAPS roll-out crime combating awareness to educate women - August 22, 2022
- SA Medical Association Chairperson Mvuyisi Mzukwa recovering after stabbed multiple times - August 22, 2022
Letona la ditjhelete Enoch Godongwana, o latotse diqoso kgahlanong le yena ke mosadi ya sebetsang hoteleng moo teng yena le mosadi wa hae ba neng ba etile motseng wa Kruger National Park, profinsing ya Mpumalanga.
Godongwana o tiisitse hore ka Labone, o ile a latelwa ke maponesa, mme a nehwa lengolo la temoso le mo tsebisang ka tletlebo ya botlokotsebe e behilweng kgahlano le ena.
Polelong e phatlaladitsweng ke Godongwana, o itse o thabetse hore ebe o tla kgona ho hlalosa lehlakore la hae.
“Ke imolohile hore ebe qetellong ke ile ka ikopanya le maponesa le ho fuwa monyetla wa ho utlwa hore na ke qoswa ka eng.
“Hape ke thabetse ho fumana monyetla wa ho beha tlaleho ya ho latola ha ka,” ho boletse Godongwana.
Godongwana o ile a dumela hore o ne a le Kruger National Park ha ketsahalo eo ho thweng e etsahetse, empa ha ho mohla a kileng a hlekefetsa ka thobalano.
“Ke netefaditse ofisiri ya SAPS hore ke ne ke hlile ke le sebakeng sa Kruger Park ka la 9 Phato.
“Ke ile ka pheta polelo yaka ya pele, ya hore ha ke hopole ke tshwara mang kapa mang ka mokgwa o sa lokelang, ho hlekefetsa ka thobalano, kapa ho hlekefetsa mang kapa mang,” ho tlaleha Godongwana.
Mokga o hanyetsanang wa Economic Freedom Fighter (EFF) o ipelaeditse ho mmuso ho tlosa Godongwana boemong ba hae mme o re, a ke ke a bitsa diboka ho hang ka ha a tobane le diqoso.




