Adele Senekal, 46, ya ileng a qhekella mohiri wa hae wa mehleng, mme a baleha ka tjhelete ekang dimilione tse hlano le makgolo a dikete tse pedi (R5.2-million) o tlo qeta dilemo tse robedi tjhankaneng.
Senekal o ile a ahlolelwa ho hlola dilemo tse robedi teronkong ka mora hore Maseterata wa Bloemfontein o fumane moqusuwa ka bomenemene le boshodu ba tjhelete.

Mmuelli wa di-Hawks profinsing ya Foreistata mokaptene Christopher Singo, o tlalehile hore Senekal o ile a tshwarwa ke di-Hawks, ka mora hore moqusuwa a inehele ka la 28 Mmesa, monongwaha.
“Ka Pherekgong, monga Mystic Blue Trading o ile a fumana lesedi ho tswa bankeng ya Absa moo ba hlokometseng diketso tsa bomenemene mabapi le dintlha tse itseng tsa bajalefa tse neng di sa dumellane le dintlha tsa banka. Jwale lehlatsipa le ile la fa banka tumello ya ho tswela pele ka dipatlisiso tsa bona tsa ka hare,” ho hlalosa Singo.
Diphuputso tsa pele di senotse hore Senekal, o ne a qhekella khamphani ka ho hapa mabitso a bajalefa moo a ileng a fetola di-akhaonte tsa banka hore e be tsa hae tseo ho neng ho lefshwa ka tsona.
“O ne a sebetsa e le mothusi w tsamaiso le Mookamedi wa Lefapha la Basebetsi ba khampani ka nako eo,” ho tlaleha Singo.
Ditshebedisano tsena di etsahetse pakeng tsa nako ya 2013 ho isa ho 2022.
“Ka lebaka la diketso tsa bolotsana lehlatsipa le ne le leeme mme la lahlehelwa ke kakaretso ya tjhelete e fetang R5 milione,” Singo wa eketsa.
Lekgotla le ile la ahlolela Senekal dilemo tse leshome le metso e mmedi tjhankaneng ka kotloloho ka qoso ya bomenemene eo dilemo tse nne tsa yona, di fanyehilweng ka nako ya dilemo tse hlano.




