Mashodu a thapo ya koporo a ahlolelwa dilemo tse 15 teronkong

Maobane, wa la 9 Lwetse, Lekgotla la Maseterata la Kroonstad le ile la ahlolela mashodu a mararo dilemo tse 15 tjhankaneng ka ho fumanwa ka koporo e utswitsweng.

Baqosuwa bao eseng baahi ba Afrikwa Borwa, Personal Mogovera (38), Tymore Sithole (24), Solomon Sithole (21) ba ile ba fumanwa ba le molato, mme ba ahlolwa ka boshodu ba koporo le ho ba naheng ya Afrikwa Borwa ka ntle ho ditokomane tse napehetseng.

Kahlolo ya bona e tswa ketsahalong e etsahetseng ngwahola, wa la 31 Tshitwe, moo maponesa a Kroonstad a neng a ntse a paterola mmileng wa N1 mme a belaela teraka eneng e bonahala e tshwere dintho tse seng molaong.

Hoya ka mmuelli wa di-Hawks profensing ya Foreistata, mokaptene Christopher Singo, maponesa a ile a emisa teraka mme a e phenyekolla.

“Ha maponesa a ntse a phenyekolla koloi, a ile a fumana thapo ya koporo le dikhetjhana tse pedi tsa bolt. Babelaelloa ba ile ba tshwarwa ka mora hore ba hlolehe ho fana ka bopaki ba hore ba na le thapo ya koporo,” ho hlalosa Singo.

Thapo ya koporo e ile ya kgethollwa ke ofisiri ya Transnet ya boleng bo hakanyetswang ho feta R100 000.

Nyewe e ile ya fetisetswa ho sehlopha sa di-Hawks se neng se le Welkom, mme sa ahlola baqosuwa.

Lekgotla le ile la ahlolela baqosuwa dilemo tse leshome le metso e mehlano (15).

Hlooho yadi-Hawks profinseng mokgenerale Mokgadi Bokaba, o theholeditse mosebetsi o entsweng ke maponesa. “Ke kgodiseho e ntle hore kannete re thoholetsa ofisiri e sebetsanang le taba ena le kutlwisiso ya lekgotla ka kotsi e bakilweng ke dinokwane tsa mofuta ona wa ditlolo”.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights