Covid-19 e siile bana ba 150 000 ba se na batswadi Afrika Borwa, ho tlaleha UNICEF

Ho ya ka diphuphutso tsa United Nations International Children’s Emergency Fund (UNICEF), sewa sa Covid-19, se siile bana ba ka bang 150 000 e le dikgutsana naheng ya Afrika Borwa.

Leha ho le jwalo, palo e fihla ho 207 400 ha ho akaretswa bana ba lahlehetsweng ke bahlokomedia ba bona, hoo eeng bonkgono le bo ntate-moholo ba bona.

Dipalo tsena di teng mofuteng wa morao-rao wa data ho tswa Imperial College London, e le karolo ya Global Reference Group bakeng sa bana ba angwang ke Covid19: Joint Estimates and Action.

Ho ya ka UNICEF Afrika Borwa, dipalo tse bohloko di pheta bohlokwa ba karabelo e akaretsang le e shebaneng le bana ho phello e pharalletseng ya Covid-19 bongwaneng, haholo ho sireletsa le ho tshehetsa bana ba siilweng ba se na motswadi a le mong kapa ka bobedi, kapa mohlokomedi wa pele kapa ya mahareng.

“Bophelo ba bana bo sentswe ke seoa sena ka ditsela tse ngata, mme ho ba lahlehetsweng ke batswadi kapa bahlokomeli, maqeba a tebileng a tla tshwarella ka ho sa feleng.

“Empa ka lerato le tlhokomelo, phihlello ya tshireletso ya setjhaba, thuto le menyetla ya kgolo le ntshetsopele, bana bana ba ka hlaphohelwa, ba atleha mme ba hlokomela bokgoni ba bona ka botlalo,” ho boletse Motlatsi wa Moemedi wa UNICEF Afrika Borwa, Muriel Mafico.

UNICEF Afrika Borwa e boletse hore tahlehelo ya tshehetso ya batswadi le baratuwa nakong ya bongwaneng e ka ba le phello e tshwarellang nako e telele kelellong le mmeleng, mme bana ba atisa ho ba le pefo, tlhekefetso, ho hlokomolohuwa le ho tlatlapuwa.

Mafico a re: “Tikoloho ya lelapa le tlhokomelo, e sireletsang le e tsitsitseng lapeng ke ya bohlokwa bakeng sa diphihlelo tse ntle tsa bongwana, empa ho bana ba dikgutsana hangata ke toro e hole.”

UNICEF Afrika Borwa e boletse hore e sebetsa le balekane ho sireletsa tokelo ya ngwana e mong le e mong ya ho phela le ho holela tikolohong e tshehetsang kgolo ya bona ya mmele, ya kelello, ya setjhaba le ya maikutlo.

Sena se kenyelletsa ka ho eketsa phihlello ya ditshebetso tse kang diratswana tse sireletsehileng tse fanang ka tikoloho e sireletsang le e tsotellang eo ho yona bana ba hodiswang ke ditsebi le bahlokomedi, moo ba ka bapalang le ho fumana tshehetso ya ho ithuta, tlhabollo le ditshebeletso tsa bophelo bo botle.

Mokgatlo oo e seng wa mmuso (NGO) o itse o aha bokgoni ba matitjhere ho tshehetsa ditlhoko tsa kelello tsa bana ba tlokotsing haholo tikolohong ya sekolo le ho netefatsa ho boloka dikolo.

Ho phaella moo, mokgatlo o matlafatsa basebetsi ditsing tsa tlhokomelo ya bophelo ya mantlha le basebeletsi ba bophelo ba setjhaba ho fana ka ditshebeletso tse kopanetsweng ho bana tse sireletsang bophelo ba bona ba kelello le mmele ka ho fetisisa.

E boetse ya tlaleha hape hore, keketso e ntseng e eketseha ya Thuso ya Tshehetso ya Bana e tla thusa ho netefatsa hore malapa a tlokotsing haholo a fumana thuso ya ho imolla a mang a dikgatello tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights