Ela hloko matshwao a pele a kankere ngwaneng wa hao

Ho hloka tlhokomediso ka kankere ya bongwaneng le matshwao a yona ho bolela hore bana ba bangata ba Afrika Borwa ba fumanwa ba ena le tshwaetso ha lefu lena le se le le boemong bo mpefetseng. 

Mohokanyi wa Dipuisano wa Mokgatlo wa Kankere ya Bana wa Afrika Borwa (CHOC), Taryn Seegers, o re ka ho tseba matshwao a tlwaelehileng a kankere batjheng, o ka thusa ho pholosa bophelo ba bona. 

“Matshwao a ka ba thata ho a bona hobane ho tlwaelehile hore bana ba hlahe maqhutsu, matetetso, kgolo e mahlahahlaha ya mmeleng, le phetophetoho ya maikutlo. Le ha ho le jwalo, ho e lemoha esale ka nako ho bohlokwahlokwa,” o rialo. 

Ho ya ka Mokgatlo wa Kankere wa Afrika Borwa (CANSA), bana ba Maafrika Borwa ba pakeng tsa 800 ho isa ho 1 000 ba fumanwa ba ena le kankere selemo le selemo. 

Le ha ho le jwalo, mokgatlo o lekanya hore halofo ya bana ba nang le kankere Afrika Borwa ha etswe diteko tsa tlhatlhojo ho hang. 

Ho thusa ho etsa bonnete ba hore kankere e bonwa ka pele kamoo ho ka kgonehang ka teng, CHOC e etsa mananeo a tlhokomediso metseng, a rutang batswadi le bana ka matshwao a pele ao ba lokelang ho a ela hloko. 

Mokgatlo o tshehetsa bana le batjha ba nang le kankere kapa mafu a madi a kotsikotsi le ba malapa a bona. 

“Re ikemiseditse ho ntlafatsa ho e lemoha esale ka nako le ho nolofatsa phepelo ya kalafo e sebetsang. Ka nako efe kapa efe, CHOC e ka ba le bana le batjha ba fetang 1 500 tlhokomelong ya yona, e ntse e boela e fana ka tshehetso ya maikutlo le kelello ho malapa a fetang 1 500,” ho rialo Seegers. 

Selemong se fetileng sa ditjhelete, Seegers o re CHOC e kgonne ho thusa bana ba 1 724, batjha ba 553 le batho ba baholo ba 2 232 ka mananeo a yona a mantlha. 

“Ditshebeletso tsa rona di kenyeletsa tshehetso ya maikutlo ha ba ntse ba ena le kankere, ho ba kgothatsa, le ho ba hlokomela ha ntswe ba lwanela ho phela le ho tshehetsa ka tsa poloko bao ba hlokahalletsweng,” Seegers wa eketsa. 

Matshwao a ree- letsweng ka St Siluan a kankere ya bongwaneng 

• S – Batla thuso ya dingaka esale ka nako bakeng sa matshwao a sa iphodising. 

• I – Letheba le lesweu ka leihlong, ho qepha ho hotjha, ho foufala ho sa tsejweng hore ho hlaha kae kapa thaka ya leihlo e ruruhang. 

• L – Kotolana mpeng, nokeng, hloohong, matsohong, maotong, botoneng kapa ditshweleseng. 

• U – Feberu e sa hlaloseheng e bang teng ka nako e fetang dibeke tse pedi, ho ota, mokgathala, letlalo le bonahalang eka ha le na phallo ya madi, ho hlaha matetetso le ho tswa madi ha bonolo. 

• A –Ho opelwa ke masapo, manonyeletso, mokokotlo le ho robeha masapo ha bonolo. 

• N –Matshwao a boko le methapokutlo, phetoho ya motsamao, botsitso kapa puo, hlooho e opang e sa kgaotse le ho hlatsa/kapa o sa hlatse le hlooho e ruruhileng. “Batjha, ba nkang karolo dipapading le mesebetsing e meng, ha ngata ha ba hlokomele matshwao a pele a kankere ya bona,” ho rialo Seegers. 

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights