E ile ya eba thabo e kgapatsehang mane Stade Makis, Antanarivo, ha sehlopha sa Afrika Borwa sa rugby ya basadi se shashara sehlopha sa Madagascar sa rugby ya basadi ka la 12 Motsheanong, monongwaha.
Sehlopha sena sa Afrika Borwa se ile sa hatikela sena sa Madagascar tlhodisanong ya ho leba dipapading tsa mohope wa lefatshe (RWC2025) tse tla tshwarelwa mane England selemong se tlang(2025).
Ba shapile sehlopha sena sa Madagascar ka ntlha tse 46 – 17. Ba sireleditse sehla sa bona jwalo ka bo mampodi ba Afrika, mme ba bolokile rekoto ya bona ya ho sehlolwe dilemo tse tsheletseng ka tatellano sehleng seno.
“Ke motlotlo haholo ka bona tsatsing lena, le ka dipapadi tsa bona tse pedi tsa pele,” ho boletse mokwetlisi wa rugby wa Afrika Borwa Louis Koen.
Koen o tswella pele ka hore ho bile boima haholo ho bapala papadi tse tharo matsatsing a leshome a latelanang mme ke thoholetsa dipapadi ka boikemisetso ba bona.
Re bapetse hantle haholo halofong ya pele mme rene re retse motheo wa ho hlola.
Ho atleha bakeng sa mohope wa lefatshe (RWC2025) ke tlotla e kgolo ho bohle ba re emeng nokeng ka ho keya leboha, ho boletse Koen.
Mokapotene wa sehlopha, Nolusindiso Booi, odumellana le mokwetlisi Koen, ka hore “re bapetse ka maikemisetso ohle e le ho kgothalletsa banana le basadi ho bapala papadi ena ya rugby mme ke nahana ho hapa le ho atleha sebakeng sa tlhodisano ena ya mohope wa lefatshe( RWC2025) ho hapile maikutlo a bohle ba thabelang ho bona papadi ena e hola.”
Afrika borwa e lebelletswe ho tswara dipapadi tsa WXV 2 dikgweding tse mmalwa tse tlang.