- Meet the teenager who wears many hats! - August 24, 2022
- Thabong SAPS roll-out crime combating awareness to educate women - August 22, 2022
- SA Medical Association Chairperson Mvuyisi Mzukwa recovering after stabbed multiple times - August 22, 2022
Baahi ba Odendaalsrus ba kgothaletswa ke maponesa ho tlaleha botlokotsebe bofe kapa bofe bo etsahalang sebakeng ka ha boshodu ba matlo bo aparetse toropo.
Sebuelli sa maponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng o boletse hore, boshodu bo bongata ba dikgwebo le matlo bo tlalehilwe Odendaalsrus.
“Maponesa a Odendaalsrus a tshwenyehile haholo, ka hona a lakatsa hore baahi ba sebetse mmoho ho netefatsa hore ditlokotsebe di a tshwarwa” ho boletse Thakeng.
Bahwebi ba boetse ba eletswa ho tiisa tshireletso nakong ya ho bula le ho kwala mabenkele a bona.
Ba boetse ba bolellwa hore ba fete mahaeng a bona ebe ba kganna ho ya seponeseng kapa haufi le moo ho tlatswang dikoloi teng haeba ba belaela hore ba ntse ba latelwa, empa ba ngole mmala wa koloi, mohlala le nomoro ya ngodiso ya koloi e ba latelang.
“Tlolo tsa molao tse ding kaofela ho kenyeletswa batho kapa dikoloi tse belaetsang di lokela ho tlalehelwa seponeseng ka ho letsetsa nomoro tsena, 071 606 5303 kapa 082 864 0004,” ho tlaleha Thakeng.






