Batho ba bahlano ho kenyeletswa mmuso o ka sehloohong ba tshwerweng mabapi le bomenemene ba R700 000 bo amanang le Musiamo wa Winnie Madikizela-Mandela Brandfort House motseng wa Majwemasweu, ba lokollotswe ka beile ya R20 000 motho ka mong.
Moqosuoa wa pele eleng Humphrey Tsoarelo Malakoane (56), eo e kileng ya e-ba mookamedi wa lefapha la dipapadi le setso, eo hona jwale e leng mookamedi wa lefapha la thuto, Nontsikelelo Eunice Aaron (55) wa mehleng wa setereke sa Lejweleputswa, Lebogang Aubrey Sebeela (47) eo e kileng yaba mookamedi wa lefapha la dipapadi le setso la SCM, Monyane Matthews. Sefantse (53) wa mehleng wa setereke sa Lejweleputswa hajwale e le mookamedi wa masepala wa Masepala wa Lehae wa Nketoane, molaodi wa khamphani ya Errens Lodewikus Celliers (80), Sithiwe Thubane (47) molaodi wa khamphani ba ile ba hlaha ka pela Lekgotla la Maseterata la Welkom kajeno.
Ho ya ka mmuelli wa di-Hawks, mokaptene Christopher Singo, nyewe kgahlano le baqosuwa e tjhetjhisitswe ha ma-morao, mme etla tswela pele ka la 11 Pudungwana bakeng sa ho latelwa ha mmelaellwa ya saletseng morao.
Baqosuwa bohle ba ile ba abelwa beile ya R20 000 motho ka mong ntle le Aaron ya nehilweng beile ya R3 000 le Celliers ya tswileng ka beile ya R10 000.
Babelaellwa ba bahlano ba tshwerwe maobane Diporofenseng tsa Foreisetata le Gauteng ke makgotla a di-Hawks ho la Foreisetata.
Ho bolelwa hore nakong ya Pherekhong 2008 ho fihlela ka Tshitwe 2010, tjhelete e ile ya abelwa morero wa Musiamo wa Brandfort o tsebahalang ka hore ke Winnie Mandela Museum ke Lefapha la dipapadi, bonono le setso.
“Tjhelete e neng e abilwe e ile ya sebediswa hampe yaba ho kgethwa bafani ba ditshebeletso ntle le ho latela mekgwa e nepahetseng ya ho reka,” ho bala dokete e hlahisitsweng lekgotleng
“Morero oo o ne o hlophisitswe ke ba lefapha la dipapadi, bonono le setso le masepala wa setereke wa Lejweleputswa.”
Ka lebaka la diketso tsena tsa bomenemene, Lefapha la dipapadi, bonono le setso le ile la lahlehelwa ke kakaretso ya tjhelete e fetang R700 000.










