Kasi Voice News e hlaisitswe leseding hore Modulasetulo ya sa tswa kgethwa wa Foreisetata, Mxolisi Dukwana o tla hlahiswa ele ena Tonakgolo ya Foreistata haufinyana, ka ha moemedi wa porofense eleng Sisi Ntombela o dumetse ho ka paka thoto tsa hae.
Ho ya ka mongodikakaretso wa African National Congress (ANC) Fikile Mbalula, Tonakgolo Ntombela o supile hore o tla itokolla mosebetsing.
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, ANC e Foreisetata e ile ya etsa qeto ya hore Ntombela o lokela ho tloswa boemong ba hae.
Baetapele ba mekga, ho kenyeletswa mopresidente wa mokga Cyril Ramaphosa le modulasetulo wa naha Gwede Mantashe, ba hlahisitse matshwenyeho mabapi le puso maemong a porofense le a bomasepala.
Kgweding e fetileng, Ntombela o ile a hloleha maikemisetsong a hae a ho inkela maemo a modulasetulo wa ANC Foreistata ka mora ho hlolwa ke Mxolisi Dukwana kopanong ya kgetho ya profense.
“Re batla tshebetso e bonolo ya phetoho. Ha re batle tshwantshiso hobane ha e hlokahale. Batho ba rona ha ba thahaselle maemo; ba thahasella ho netefatsa hore re phelela dipuo tsa rona,” Mbalula o boletse.
Ba ka hare ba re ba haufi le Ntombela ba lokela ho tshwenyeha ka mesebetsi ya bona.
Ho sa le jwalo, ofisi ya Ntombela e re o sebeditse phetoho ya matla ka thelelo, kahoo baahi ba profinse ba ke ke ba ameha hampe ha a tloha setulong.






