Ka ha lefatshe ka bophara le tshwere mekete e moholo ho keteka letsatsi le leholo la Phamokate (World Aids Day), Profense ya Foreistata e tshwere mokete o moholo lebaleng la dipapadi la Dr Petrus Molemela Stadium ho la Mangaung, moo teng bahlanka ba mmuso ba tswileng letsholo hoka ba le setjhaba kajeno.
Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza, eo hape e leng modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Aids la Aforika Borwa (SANAC), o tla etella pele sehopotso sa semmuso sa Letsatsi la Lefatshe la Phamokate.
Letsatsi lena le reretswe ho hlokomedisa batho ka sewa sa Phamokate se bakwang ke ho ata ha tshwaetso ya HIV (human immunodeficiency virus). Hape ke letsatsi la ho llela ba hlokahetseng ka lefu lena ha ho ntse ho kgothaletswa thibelo, kalafo le tlhokomelo ya HIV.
Mabuza o tla etella pele sehopotso sena hammoho le modulasetulo wa SANAC wa setjhaba Steve Letsike, Letona la Bophelo bo Botle Ngaka Joe Phaahla, Tonakgolo ya Foreisetata Sisi Ntombela le baetapele ba mmalwa ba lehae ba tswang makaleng a fapaneng.
Baemedi ba tswang ho balekane ba ntshetsopele ho kenyelletsa le ba mekgatlo ya United Nations, mmuso wa United States of America, mekgatlo ya dipatlisiso le mekgatlo ya setjhaba.





