MEC wa bophelo bo botle porofenseng ya Foreistata Montsheng Tsiu le hlooho ya lefapha Godfrey Mahlatsi, ba tlilo hlalosa merero ya bona ya ho phahamisa boemo ba dipetlele tse putlameng.
Sena se tla bohareng ba ketelo ya sehlopha sa South African Human Rights Commission (SAHRC) ka sepheo sa ho beha leihlo boemo ba ditsi tsa tlhokomelo ya bophelo.
Mookamedi wa Porofense ya Foreistata wa SAHRC, Thabang Kheswa, o itse ho fihlela ha jwale, ba etetse sepetlele sa Pelonomi le tleliniki motseng wa Mangaung, mme ba bone mathata ao ditsi tsena tse pedi di tobaneng le tsona.
“Ha re ntse re etsa dipatlisiso re fumane hore khaello ya basebetsi e ntse e le taba e kholo haholo,” ho tlaleha Kheswa.
“Taba ena e kile ya tlalehelwa mme lekala la bophelo le ile la araba hore le tla e ela hloko. Ho ntse ho so hlake hore naa ebe ditsebi tseo lekala le neng le di khethile di ile tsa qetella di khethilwe,” Kheswa wa hlalosa.
Ditsi tse ding tse tla etelwa ke SAHRC ke Sepetlele sa Manapo Qwaqwa ka hosane, ho tloha moo SAHRC eitse e tla qetella ka kopano le batsamaisi ba sepetlele.
Setsi sa ho qetela se tla etelwa ke SAHRC, e tla ba Sepetlele sa Dihlabeng Bethlehem.






