- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle le qhelletse ka thoko dintlha tsa hore lefu la Covid-19 le boetse le kgutlile ka mofuta o motjha o tsebahalang ele Covid-19 Omicron XBB.
“Re kgothalletsa setjhaba ho ba sedi le ho iphapanyetsa ditaba tsena tse lonya tsa metjha ya ditaba ya setjhaba tseo sepheo sa tsona e leng ho baka tshabo le pherekano ho sa hlokahaleng, haholo ha naha e kena sehleng sa sefuba moo teng batho ba lo kulang,” lefapha le boletse polelong e lebesitsweng ho boraditaba ka Labobedi, 30 Mmesa.
“Ona ke molaetsa o kgelosang o qadileng ho hlaha nakong ya sewa sena ntle le mohlodi o fumanehang.”
Ho ya ka lefapha, Covid-19 e ntse e potoloha ka maemo a tlase ho potoloha le naha jwalo ka dibakeng tse ding tsa lefatshe ka bophara.
Leha ho le jwalo, lefapha le boletse, ha ho na tlhoko ya hore setjhaba se tshohe hobane batho ba bangata ba na le boemo bo itseng ba boitshireletso ho tswa ho diente le tshwaetso.
“Mathata a teng hona jwale kapa mefuta e fapaneng ya phallo ya madi ha e matla ebile ha e fetisetswe habonolo.”
Leha ho le jwalo, lefapha le boletse hore ho nka mehato ya tshireletso letsatsi le leng le le leng, ho kenyelletsa le mehato e seng ya meriana e kang bohlweki ba matsoho, ho tla thusa ho thibela ho ata ha mafu a mang a phefumoloho a kenyeletsang ntaramane.
Ka Sontaha, lefapha le kgothalelitse setjhaba ho nka mehato e meng ya boitshireletso ho itshireletsa le baratuwa ba bona kgahlano le mafu a matshwafo, ao ho lebelletsweng hore a tla eketseha nakong ya mariha.
Dihlopha tse kotsing e kgolo di kenyelletsa maqheku a kahodimo ho dilemo tse 65, ba nang le mafu a tlaase a kang pelo le matshwafo, batho ba phelang le HIV le lefuba, hammoho le bakgatjhane.






