Lefapha la Matlotlo a naha le re le hlokometse sephetho sa ditherisano tsa meputso Lekgotleng la Ditherisano la 2023 la Bohokahanyi ba Lekala la Setjhaba (PSCBC).
Ho latela polelo e phatlalalitsoeng ka Labohlano, boholo ba mekha e lumellane ka tumellano ya dilemo tse pedi, e kenyelletsang keketseho ya 7.5%.
Sena se tla etsa hore tjhelete ya hajwale e fetolelwe ho moputso wa penshene, hammoho le keketseho ya 3.3% ka 2023/2024, le keketseho e amanang le Index ya Theko ya Bareki ka 2024/2025.
Mmuso o re o netefaditse hore tumellano ya moraorao ya meputso ya lekala la setjhaba e kenngwa tshebetsong ka “kgwebisano e kgolo”.
Ditshenyehelo tsa tumellano, ho ya ka Lefapha la Ditjhelete, di hakanyetswa ho R37.4 bilione ka 2023/2024, mme diphello tsa tshebetso le tsona di sebetsa bakeng sa dilemo tse latelang tsa ditjhelete.
“Budget ya 2023 ha ya ka ya hlahisa esale pele sephetho sa dipuisano tsa meputso.
“Mabapi le sena, sephetho sa ditherisano tsa ditekanyetso tsa meputso se ile sa hlwauwa e le e nngwe ya dikotsi tse ka sehloohong tsa tebello ya matlotlo e hlahisitsweng ka hara Ditekanyetso. Kotsi ena e se e hlahile, ”ho boletse Treasury.
Nakong ya ha ho ne ho tekwa Tekanyetso ya 2023, Letona la ditjheletee, Enoch Godongwana, le hlokomedisitse hore tefo e sa lekanyetsoang ya meputso e tla hloka tshubuhlellano ya bohlokwa haholo tshebedisong ya tjhelete ya mmuso hobane tjhelete ya moputso e baka ditshyehelo tse kgolo.
“Ho tla bolela hore ditjhelete di tlameha ho kgutliswa ka ditsela tse ding.
Haholo-holo, sena se tla bolela ho fokotsa bokgoni ba mafapha le mekgatlo ya ho tlatsa mesebetsi eo e seng ya bohlokwa. Ho tla boela ho bolele ho fihlella ho baballa ditshenyehelo ho tswa ho mabaka a maholo a mekgatlo le mananeo a Naha.
“Jwalo kaha ho boletsoe ke MoPresidente Puong ya Boemo ba Naha (SONA) ka Hlakola, Lefapha la ditjhelete la naha le se le kgethile moo ho ka bolokwang tjhelete e ngata,” ho boletse Godongwana puong ya hae ya Tekanyetso kgweding ya Hlakola.
Ho sa le jwalo, mmuso o itse o ntse o ikemiseditse ho fokotsa kgaello ya ditjhelete ho ya maemong a tsitsitseng le ho tsitsisa sekoloto.
“Ka hona, mmuso o tla qala ditshebetso tsa ho netefatsa hore tumellano ya moraorao ya meputso e kenngwa tshebetsong ka dikgwebo tsa bohlokwa nakong e kgutshwane le nakong e mahareng,” ho bala polelo.
“Ho feta moo, Polokelo ya ditjhelete tsa Setjhaba e pheta boemo ba hore dikadimo tsa mmuso di ke ke tsa eketswa bakeng sa ditshenyehelo tsa tshebediso, ho kenyeletswa le ho lefella meputso.
Pholisi ya ditjhelete e tla dula e tsepamisitse maikutlo ho fokotsa dikotsi tsa ditjhelete le ho tshehetsa mehato ya ho hodisa moruo.
Sena se tla etsa bonnete ba hore tsela e akaretsang ya ditjhelete jwalo ka ha e hlalositswe ka hara Tekanyetsoe ena ya hlokomelwa,” ho boletse Lefapha la ditjhelete.
E boetse e ikemiseditse ho kenya tshebetsong mehato ya teka-tekano, ho kenyeletswa le mabapi le ditheo tsa setjhaba le ho fokotsa meputso e kantle ho mekgatlo ya setjhaba.



