Basebeletsi ba mmasepala wa Maluti-a-Phofung ba boela ba hlahelwa ke mathata a kgatiso ya meputso!

Basebetsi ba mmasepala wa Maluti-a-Phofung ha ba so fumane moputso wa bona wa kgwedi le kgwedi, kgweding ena, kaha mmasepala o tobane le mathata a phallo ya tjhelete ka lebaka la ho se lefshwe ditshebeletso le tshenyehelo e ntseng e tswela pele ya disebediswa tsa motlakase.

Ka Mantaha bekeng ena, mmasepala o ile wa fana ka tsebiso, moo o ileng wa tsebisa basebeletsi ba oona hore o iphumana o le boemong bo boima ba ho phalla ha tjhelete ka lebaka la ho se lefshwe ha ditshebeletso le ho tswela pele ho senya thepa ya motlakase.

“Ka hona ha re kgone ho lefa basebetsi le makhanselara ka la 23 Pudungwana. Re kopa tshwarelo ka tshitiso e bakilweng. Ke le leboha esale pele,” ho bala tsebiso eo.

Ho ya ka mmuelli wa mmasepala Thabo Kessah, mathata a ditjhelete a se a le teng, a ama basebetsi ba ona, leha ho le jwalo, o tiisitse hore basebetsi ba tla lefshwa ntle le ho fana ka morero o tiileng wa ho lefa basebetsi.

“Phapang feela ke hore ditefo tsa meputso di tla arolwa ho ya ka maemo mme di tla lefshwa ka matsatsi a fapaneng,” o boletse jwalo.

ANC ka hara mmasepala e boletse hore ha e makatswe ke tsebiso ya hore mmasepala o keke wa kgona ho lefa basebetsi ba ona ka nako.

“Masepala ona o kgumama tlasa mmuso wa kopanelo wa MAP16. Ha e kgone ho fihlela ditlamo tsa yona tsa ditjhelete. ANC e qosa boetapele bo futsanehileng, bobodu le bo se nang bokgoni ba mmuso wa kopanelo mmasepala,” ho boletse mokhanselara wa ANC, Mandlenkosi Dlamini.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights