Latest posts by Thomas Lethoba (see all)
Ho tloha ka hosane, Mantaha wa la 10 Mphalane, Eskom e tlo kenya tshebetsong mokgahlelo wa bobedi (2) wa ho tima motlakase.
Ho tima ha motlakase ho tla kengwa tshebetsong dipakeng tsa hora ya bo 16:00 le ho fihla ka kgitla, sena se tla tswela pele ho fihlela ka Laboraro, 13 Mphalane.
Eskom e re e tla leka ka hohle ho fokotsa ho tima ha motlakase ho fihlela bosiu ‘ho fokotsa phello moruong le setjhabeng.


