Dipetlele tse mashome a mararo a metso e supileng naheng ka bophara di tla lokoloha lenaneong la kgaello ya motlakase, Letona la Bophelo bo Botle, Joe Phaahla, le phatlaladitse ka Labohlano wa la 30 Lwetse.
Sena se latela dipuisano tse mmalwa le bankakarolo ba fapaneng, ho kenyeletswa Eskom le bomasepala, ha Lefapha la Bophelo bo Botle le ntse le sebetsa ka leano la ho hlahisa motswako wa eneji ho sireletsa ditsi tsa bophelo bo botle ba setjhaba kgahlehong ya ho kgaoha ha motlakase.
“Tlhahiso ya kgallo ya motlakase phanong ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo e ke ke ya nyenyefatswa kapa ya hatiswa ho feta tekano,” ho boletse Phaahla, nakong ya puisano ya boraditaba mabapi le phello ya ho fokotseha ha litshebeletso tsa bophelo bo botle.
Leha ditsi tse ngata tsa bophelo bo botle di na le ditshebetso tsa phepelo ya motlakase, ho kenyeletswa dijenereithara le phepelo ya motlakase e sa sitisweng (UPS), o itse ha dia etsetswa ho boloka motlakase nako e telele.
Ho ya ka Letona, diprofense tse ngata di tlalehile hore ditjhelete tsa tsona tsa diesel di fela ka potlako, le dijenereithara di tsofetse mme ha di kgone ho fehla setsi kaofela.
“Dijenereithara di pakilwe hore, ha di finyelle ditlhoko tse ntseng di eketseha ka nako ya kgallo ya motlakase ditsing tsa bophelo, ka hona dipetlele tse ding di siuwa di se na boikgethelo, empa di qobellwa ho tima dibaka tse mahlonoko, tse seng di sekiseditse tlhokomelo ya bakudi.”
Ho feta moo, Phaahla o itse lefapha le ntse le nahana ka mokgwa wa ho tsetela molemong wa matla a tsosolositsweng ka ho kenya matla a letsatsi ditsing tsa bophelo e le karolo ya motswako wa motlakase.
Ho sa le jwalo, matla a letsatsi a tla bewa pele bakeng sa dibaka tse kang theatre, ditsi tsa tlhokomelo e matla (ICU), le disebediswa tsa mahlale tse phahameng le tse tswetseng pele.



