National Union of Metalworkers of South Africa (Numsa) e batla nyollo ya meputso e fihlang ho 20% lekaleng la dikoloi.
Numsa e re e kopane le bahiri ba lekala la dikoloi ba emetsweng ke Automobile Manufacturers Association, ho National Bargaining Forum ho teka ditlhoko tsa yona.
Bahiri ba lekala la dikoloi ba sisintse tumellano ya dilemo tse tharo e amanang le sekgahlo sa theko naheng.
Mmuelli wa Numsa, Phakamile Hlubi-Majola, o re mekga e tla kopana bakeng sa dipuisano tse ding Gqeberha, Eastern Cape ho tloha ka Mantaha o tlang.
“Basebetsi ba Afrika Borwa ba ntse ba sokola ho sebetsana le boemo bona, mme sena se kenyeletsa le ditho tsa rona tsa lekala la dikoloi.
“Ditlhoko tsa rona di susumetswa ke ho phahama ha ditshenyehelo tsa bophelo le maemo a mabe a moruo wa setjhaba ao basebetsi ba iphumanang ba le ho ona.
“Ka nako e tshwanang, theko e ntseng e phahama ya mafura le motlakase e ekeditse morwalo wa ditjhelete wa basebetsi,” ho bolela Hlubi-Majola.
Hlubi-majola o hatelletse hape hore, ka nako e tshwanang, basebetsi lekaleng lena ha ba so fumane kokello ya meputso ya bona dilemong tse pedi tse fetileng.
Selemong sa 2019, basebetsi le bahiri ba ile ba tekena tumellano ya dilemo tse tharo moo basebetsi ba ileng ba fumana keketseho ya 9% selemong sa pele le sa bobedi.
Selemong sa boraro, basebetsi ba ile ba fumana kokello enngwe hape.






