Tshoha motjha o iketsetse: Augustina Mofola o tlotla maikemisetso a hae kgwebong

Tlalane Augustina Mofolo ya hlahetseng le ho holela motseng wa Tshirela, Qwaqwa ka mothehi wa Thabana-Tsoana Tourism, e leng sebaka sa bohahlaudi se rutang ka botjhaba Basotho, ho hlwa dithaba,ho palama dipere, ho tola le tse ding tsa ngata.

Ho ya ka Mofolo o hloka ha ba le bokgoni ba ho tsamaisa kgwebo le tsebo ya ho kwetlisa hore o kgone ho tsamaisa sebaka sa bohahlaudi se tshwanang le Thabana-Tsoana Tourism.

O re o kgothatswa ke lerato leo a nang le lona ho setjhaba sa habo,mme o na le toro ya ho bona ngwana wa motho e motsho a ikemela , a kgona ho bona bokgoni boo a nang le bona ho sebedisa seo a nang le sona ho etsa mosebetsi.

“Ke kgothatswa ke lerato leo ke nang le lona ho setjhaba sa heso, lelapa leso le batho bao ke sebetsang le bona”, ho bolela Mofolo.

Keletso ya mothehi wa Thabana-tsoana Tourism ho batjha ke hore ba qale ho nka karolo ka hara setjhaba sa habo bona, ba lwantshe diphephetso tsohle tse sitisang tswelopele hobane bokamoso ba rona bo ka hara matsoho a rona.

“Ke rona ba lokelang ho fetola boinahano ba bokgoba hore meloko e tlang e kgone ho etsa ka bokaone”, ho riala Mofolo.

Diphephetso tseo a tobaneng le tsona ke ho hloka tjhelete e lekaneng hore a ahe meaho e lokelang, setjhaba se lwantshang tlhaboloho ka ho senya matshwao a behilweng ditseleng a Thabana-Tsoana Tourism le Marena ha a fane ka ditokomane tse hlokehang tsa lefatshe leo ba sebeletsang ho lona.

Mofolo o re oa tshepa o tla fumana tshehetso ya ditjhelete e tla mothusa ho aha meaho eo a e labalabelang le hore a kgone ho fana ka mesebetsi ya nako yohle.

O na le batshehetsi ba bangata hape o fumane dithuso ho tswa mafapheng a fapaneng a mmuso.

Ka ho qolleha o fumane thuso ho tswa ho masepala wa Maluti-A-Phofung, Seda, NYDA le DESTEA.

Ka Thabana-Tsoana Tourism o fihletse ho etsetsa setjhaba sa habo mesebetsi le hoba ruta mesebetsi e fapaneng ya bohahlaodi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights