Koduwa ya metsi e tsosa bohato ba mehanto Masilonyana

Ka bonngwe, setjhaba sa Masilo le Theunissen se ile sa kopana ho sebetsana le bothata ba metsi bo aparetseng sebaka sena ho tloha ha ho senngwa setsi sa tlhwekiso ya metsi ka la 13/14 Tshitwe 2023.

Ho sa tsotellehe boiteko ba ho fana ka metsi ka diteraka, ho se sebetse hantle ha tsamaiso ya metsi. e siile baahi ba sa kgotsofala, e leng se bakileng qeto e kopanetsweng ya ho emisa phano ya metsi.

Ditlaleho tsa batho bao ho thweng ba lefa bakeng sa phano ya metsi, di hlahisitse ngongoreho ya kabo e lekanang ya metsi.

Ho feta moo, ditho tsa setjhaba di mameletse mela e telele ntle le ho fumana disebesiswa tsa bohlokwa.

Dintlafatso tsa masepala marang-rang a setjhaba mabapi le tokiso setsing sa tlhwekiso ya metsi ha di ya atleha ho kgahlisa setjhaba, kaha ho ne ho se dikopano tse felletseng tse hlophisitsweng ho hlakisa boemo bona.

“Taba ena hopola hore e qadile ka 2021 ka Tshitwe.. same time le hona jwale. Ha semela seo se ne se tlatlapuwa le ho senngwa.. yaba rona setjhaba re ema re batla dikarabo tabeng eo…matshwenyeho a rona e ne e le tshireletso ya sebaka seo,” ho rialo moetapele wa setjhaba, seterekeng sa Masilo, Ezekiel Molusi.

Jwale re ne re batla ho tseba hore re tla thola metsi pompong jwalo ka ha ho etsahetse dikgethong tsa dibaka moo metsi a ileng a tswa pompong hoo e ka bang ka 97% ya kasi beke kaofela ntle le tshitiso.

“Jwale selemong sena ho etsahetse ntho yona eo.. haona le bakati.. Leha ho le jwalo setjhaba se ne se sena metsi dipompong tsa 0% feela, e ka bonwa e le mokgwa wa ho hlohlelletsa pefo ka har’a setjhaba kgahlanong le bona ha bohle ba tobane le bothata bo tshwanang,” ho rialo Molusi.

Sebui sa Mmasepala wa sebaka sa Masilonyana (MLM) se ile sa kenella ho tsamaisa dipuisano, a tiisetsa setjhaba hore dikarabo di tla fanwa.

“Setjhaba se dula se fadimehile, se batla e seng feela ditharollo tsa hanghang tsa bothata ba metsi empa hape le ponaletso taolong ya merero ya masepala,” ho hlalosa Sebui sa Mmasepala wa Lehae wa Masilonyana, Steven Makata.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights