- Babelaellwa ba babedi ba tshwerweng ka ditlamatlama tsa dithethefatsi tsa Khatedulis batla hlahella ka pela lekgotla la dinyewe ka la 4 Mmesa - April 4, 2024
- Karabo Phoshoane- a resilient charismaticpublished author destined for success - April 3, 2024
- Meet Kamohelo Motloung, a positive-minded Manager of the South African Computer Olympiads - March 30, 2024
Mesebetsi e metle ka mehla e hapa mahlo le dipelo tsa bashebelli. Selemong sa 2021, Kasi Voice News e ile ya nka kgahleho mosebetsing o motle o etswang ke Queen Monareng mokgatlong wa hae o sa etseng phaello, o tsejwang ka hore ke ‘Botjha ke palesa’.
Mokgatlo ona o tumme ka ho tshehetsa batjha ba Matjhabeng ka mekgwa e fapaneng.
Bakeng sa boitsebiso bo seng ho builwe ka bona pejana, le ka kena linking ena: ‘Aspire to inspire before you expire’- Qza Monareng shares her aspirations!
‘Botjha ke Palesa’ ke mokgatlo o sa etseng phaello, o qetang dilemo tse leshome o thehilwe lemong sena sa 2024 ka kgwedi ya Phato. Mokgatlo ona o thehilwe ke Nobeni ‘Queen’ Monareng, a ena le ditho tse hlano feela, empa hona jwale ba se ba ena le ditho tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka palo, le baithaopi ba ka bang lekgolo kapa ho feta.
Le hoja e se ka tjhelete, Botjha ke Palesa e ntse e fumana diphallelo.
E teng mekgatlo e mmalwa e ntseng e tswella pele ho kenya letsoho ho thuseng mokgatlo ona ho phethahatsa merero ya bona setjhabeng.
Dithuso tseo di akarelletsa ho fana ka ntshetsopele tsa bokgoni, mesebetsi kapa dithuso tsa dijo ho batho bao mokgatlo o tlabe o ba kgethile empa eseng hofa mokgatlo tjhelete.
Ho tloha 2021 ho fihla ha jwale, mokgatlo ona o thusitse batjha ba ka hodimo ho lekgolo ka palo, ka di dithupelo tse fapa-fapaneng tseo ho tsona ho bileng le di dikabo tsa mangolo tse bontshang hore motho o se a tshwaneleha ka botlalo ho phetha mosebetsi oo a o balletseng.
“Bonneteng ho a nyolosetsa ho nna le ba lekgotla la tsamaiso ho theosa re nyolosa, re leka ho ntlafatsa sebaka seo re dulang ho sona.
Re leka ho theola sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Le ha hole jwalo, re etsa tsena tsohle ntle le hore reka tshehetswa haholo holo tabeng ya tsa ditjhelete.
Ho sa jeseng ditheohelang ke ho bona re elwa hloko le hona ho thuswa ke batho ba hlahang ditoropong tse ka thoko empa ba habo rona ba sa kenye letsoho hakaalo boitekong ba rona ba ho thusa batjha ba toropo ya rona,” ho boletse Queen.
O phahelletse ka hore o leboha Modimo ka matla, bohlale le mamello eo a tswetseng pele a mofa yona jwalo ka moetapele wa mokgatlo.
“Lerato leo ke nang le lona toropong ya rona ya Welkom le Profeising, ke lona le mphang morolo. Ke hopola nako le nako ha ke nyahama hore keng se entseng ke qale mokgatlo ona. E ne ese ka tjhelete, empa ka baka la bohloko boo ke fetileng ho bona.
Sekgutlwaneng saka ke teng moo matla aka a dutsing teng hobane ya re tshepisitseng wa tshepahala kamehla. Ore a ke ke a refa morwalo o ka re sitang,” ho boletse Monareng.
Le ha ho le jwalo, Queen o lemosa setjhaba hore mokgatlo ona wa hae o ngodisitswe SARS le PBO, ka hoo borakgwebo ba teng mona Matjhabeng le Free State ka kakaretso, ba amohetswe bakeng sa ho kenya letsoho ho ntshetsapele ditlhoko tseo e leng hore le bona jwalo ka mokgatlo ba ntse ba di hloka.
Nyollo ya mokotla e bolela hore ba thusanag ka pelo tse ntle ba ka kgona ho lebohuwa ka bonyane nyana ho
phahamisa morolo le mahlahahlaha a bona.







