Ka Labobedi la la 11 Mphalane, baahi ba Jagersfontein, toropong e Foreistata e ileng ya anngwa ke koduwa ya seretse sa morafo ka Lwetse, ba ile ba tshwara mokoloko wa boipelaetso ho leba morafong.
Lefa Shale, setho se hlahelletseng setjhabeng, o ile a re baahi ba motse ba ile ba ya fana ka lethathamo la ditlhoko ho batsamaisi ba Jagersfontein Development Projects (JDP) mabapi le mathata a fapaneng.
O re bothata bona bo kenyeletsa, hara tse ding, mosebetsi o ipatileng wa morafo, oo o sa lokelang ho o etsa ka lebaka la dipatlisiso tse ntseng di tswela pele tsa mmuso ka mora sewa sa kaduwa e ileng ya senya teropo.
Batho ba ile ba lahlehelwa ke matlo a bona le dikoloi, mme batho ba babedi ba ile ba lahlehelwa ke maphelo a bona ka mora sewa sena.
Hoya ka Shale, e sa le batho ba fetang 200 ba siilwe ba se na mahae, batsamaisi ba morafo ha ba e-so ka ba etela dibaka tse amehileng ho bua le baahi.
“Rona, re le setjhaba, re lebelletse ho hong ho tswa morafong empa ha ho letho le kileng la fuwa setjhaba mme Jagersfontein ke kamoo o bonang kateng. Sechaba sena se halefile hoo se neng se batla ho kopana le mookamedi wa morafo,” ho rialo Shale.
Ka bomadimabe, ha rea ka ra kopana kapa ra ba bona ho tloha ha koduwa ena e etsahala. Kannete re soetsehile ebile re halefile empa ha re tsebe hore na ho tla etsahala eng ho ya pele hobane jwale ha re na le motlakase, ha re na letho,” Shale o boletse.
Ho sa le jwalo, morafo, o ile wa tlaleha hore ba tlo beha di-milione tse 20 (R20-million) ka thoko, ho thusa baahi ba amehileng.






