Batho ba bararo ba neng ba ipelaetsa kgahlanong le dibaka tsa bodulo Makeleketla, Winburg, ba ile ba tshwarwa bakeng sa pefo setjhabeng maobane bosiu.
Mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapotene Stephen Thakeng ore boipelaetso bo mabifi bo qhomme Makaleketla, bosiung ba maobane, moo baahi ba ileng ba atamela tsela ya N1 mme ba tjhesa teraka e neng e feta.
“Seponesa sa Welkom se tsebahalang ka Public Order Policing, se ile sa bitsetswa sebakeng sa Makeleketla mme sa qhala baahi ba halefileng ka diqhomane le dikulo tsa rabara ho ho busetsa maemo,” ho rialo Thakeng.
Thakeng o tlaleha hore batjha ba bararo bao ba neng ba le ka hara setjhaba se halefileng boipelaetsong, ba ile ba tshwarwa bantse ba tlatlapa mabenkele.
O re batjha bana ba na le dilemo tse 15, 19 le 22.
“Ka lebaka leo ba ile ba tshwarwa mme ba tobane le diqoso tsa ho ba le thepa e utswitsweng le pefo ya setjhaba,” ho tlaleha Thakeng.
Bakganni ba dikoloi ba ile ba tlameha ho reteleha ho qoba dibaka tseo baipelaetsi le maponesa ba neng ba qabana ho tsona.
Boemo bo kgutsitse hoseng hona, mme maponesa a beile boemo leihlo ka hloko.
Do you have a news story? Send us news-tip off at: luyanda@kasivoicenews.co.za or WhatsApp us on 0780520389.





