Khomishene ya Ditokelo tsa Botho e ngongoreile ke dikolo tse kotsing ya ho putlama Porofenseng ya Foreisetata

Kgaello ya ntlafatso ya meralo ya motheo le meaho e sohlokehileng dikolong tse mmalwa Foreisetata, ke ketso e sithabetseng haholo, mme ke tse ding tsa dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho rarollwa.

Sena ke ho ya ka Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa (SAHRC) kamora dipatlisiso tsa bona ho phatlalla le porofense.

Khomishene e kopane le lefapha la thuto la porofense bekeng ena ho buisana ka kgatelopele mabapi le mehato ya tokiso, e hlwayang ditaba tse hatakelang ditokelo tsa baithuti ba Foreisetata tsa thuto le polokeho.

Khomishene, e eteletsweng pele ke mokhomishenara wa porofense Henk Boshoff, e ile ya etela dikolo tse diterekeng tsohle tse hlano tsa porofense ka Pherekgong e le karolo ya morero wa ho lekola boitokisetso ba lefapha la thuto bakeng sa ho qala selemo sa 2024.

Ke moo teng ba ileng ba fumana ho ata ha meralo ya motheo e sa tsipamang, tshubuhlellano ya batho le mathata a polokeho.

Dikolo tse etetsweng ke Khomishene di kenyeletsa dikolo tse kang Botlehadi, Ruang Tsebo, Mariasdal Cl le Tshomarelo, tse seterekeng sa Motheo.

Leetong la yona, Khomishene e fumane hore Sekolo sa boemo bo tlaase sa Bloemfontein, se seterekeng sa Motheo, se hloka tokiso ya sebopeho.

Mehaho e meng e ne e le kotsing ya ho wa le ho baka kotsi kapa lefu ho basebetsi le barutwana.

Khomishini e ile ya hlwaya Sekolo sa Mariasdal se Thaba Nchu se sa lokele ho ruta le ho ithuta ho hang.

Khomeshene e boletse hore meaho ha e ya sireletswa ka ho lekaneng, mme ha e na disebediswa tsa ho fokotsa motlakase.

E boletse hore meaho e boetse e hloka ho ntjhafatswa le ho netefatsa hore baithuti ba ke ke ba wela mathuleng kapa ditepising.

Seterekeng sa Lejweleputswa, khomishene e fumane sekolo sa Tshomarelo, se na le mathata a mangata ka ho fetisisa, mme ho tlaleha hore moaho wa sekolo sena oka nna wa putlama neng kapa neng. “Pilara e e tsheheditseng moaho e kobehile, le ditene ha diyo, sena se baka hore moaho o putlame, ke mathata feela,” ho hlalosa Khomishene.

Motsamaisi wa Khomishene ya tshwereng marapo, Thonoko Modise, o re tlaleho ya diphuputso tsa khomishene e e ile ya hlwaya tsebe phaposi ya Letona la thuto, Makalo Mohale.

Modise a re ho ile ha tshwarwa kopano le Letona la thuto ka Hlakola 19 ho tshohla morero wa ho sebetsana le ditaba tseo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights