- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Mopresidente wa African National Congress (ANC) Cyril Ramaphosa o ile a qobelleha ho etsa boipiletso ho batshehetsi ba ANC ba neng ba sa kgotsofala ka Labohlano, 26 Mmesa, profenseng ya Foreisetata, ka ha setjhaba se tshwaya diphoso tsa mokga wa ANC dibakeng tsa bona.
Setjhaba se ne se tshosetsa ka hore ba tlo itulela mahahabo tsatsing la dikgetho kgweding etlang ka la 29 Motsheanong.
Ramaphosa o ne a kene letsholong masepaleng wa Mangaung, Foreisetata, mme a tsheheditswe ke matona le moetapele wa profense eleng Mxolisi Dukwana, e le ka tshepo ya ho kopa bakgethi ho tshehetsa mokga dikgethong le ho o nolofalletsa ho fumana bongata ba batshehetsi.
Phano ya ditshebeletso masepaleng wa Mangaung ha di sebetse. Motsemoholo ona profenseng o tobane le mathata a metsi, mathata a dikgwerekgwere, dikontiri tse seng maemo a nepahetseng le mathata a ho kgaoha ha motlakase.
Ramaphosa o re ANC etlo hlola dikgethong tsena.
“ANC e na le boipelaetso bo boholo mona Foreisetata, mme re tlo hlaha re le bahlodi hobane batho ba Foreisetata le batho ba Afrika Borwa ka bophara ka ha ba rata ANC mme re tla le makatsa le ba bang ba bangata ba nahanang hore tjhe, ANC tlo hlolwa ke dikgetho,” ho boletse Ramaphosa.




