- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Tonakgolo ya ditjhelete Gadija Brown o tekile tekanyetso ya profense ya 2024 Bloemfontein ka la 6
Hlakubele 2024.
Mmuso wa profense ya Foreisetata o fane ka nehelano ya ho qetela ya tekanyetsokabo bakeng sa Tsamaiso ya Porofense ya bo tshelela, mme puo ya Brown e tsepamisitse maikutlo hodima ho lwantsha botlokotsebe le ho hodisa moruo wa Profense.
A ikamahantse le lefapha la metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere ya 2019, letona le boletse hore diperesente di
nyolohile ho tloha ho 82,3% ho isa ho 82.4% di fihletswe.
O boletse hore boleng ba metsi bo lokela ho matlafatswa, mme ba ikemiseditse ho sebetsa mmoho le
ditsibi tsa tokoloho ho atlehisa tsena ka ofela.
O boletse hape hore ho na le sehlopha sa tshebetso seo tonakgolo ya profense e se kopantseng ho
netefatsa hore sena sea etsahala.
Selemong se seseng se re siile, tonakgolo ya porofense ha e ne e tshetleha ditaba tsa” SOPA ” o ile a
bolela ka moo a kopantseng sehlopha sena ho netefatsa hore setjhaba se fumana phepo ya metsi ka
kotloloho.
Ho dima ho le jwalo, setjhaba sa meloding, Virginia se dutsi metsatsi a leshome se sena metsi pele
letona la ditjhete le ka fana ka ditekanyetso tsa porofense tsa 2024.
Letona la ditjhelete le itshetlehile ho bodulo, o boletse hore lefapha le fane ka R993,046 Million ho
phethahatsa tswelopele ya bodulo le ho ntlafatsa meaho.
“Tekanyetso ya tsa bodulo e tlase haholo ho latela tlhokeho ya matlo e ntseng e eketseha, ho na le
tshitiseho e kgolo ya ho aha matlo mme porofense ha e ya aha matlo ka nako e telele ho kenyelletsa le
merero e sa phethwang,” ho boletse Mmuelli wa porofense wa SANCO Shima Mahlatsi.
“Re tla nka karolo maemong ohle ho tlisa maikutlo le thahasello ya setjhaba ka pele,” ho rialo Mahlatsi.





