- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
“Tshwala Bam” ke pina e kopanetsweng mme e hlahisitsweng ke TitoM le Yuppe, ho yona ena, le ditalente tsa S.N.E le EeQue, mme eka tlasa mofuta wa Amapiano, li ile tsa lokolloa ka molao ka la 23 Hlakola 2024.
Ka mora ka mora libeke tse seng kae ho tloha ha e tswile, e entse ntho e tsotehang marang-rang.
Pina ena e entse lebitso la TitoM le tume sebakeng sa mmino wa matjhaba, mme e dutse boemong ba mashome a mabedi le metso e tsheletseng (26) , tjhateng ya US Billboard Afrobeats.
Pina e boetse e nkile Tik Tok ka sefefo pele e lokollwa ka molao. Ka motjeko wa Tik Tok phephetso e bitswang “Tshwala Bam”e entswe ka tlasa yona.
Phepetso e ne ya qalwa ka batho ba tummeng hampe “bashanyana ba bararo ba tantshang ba apare meaparo e metsho” ka video ya bona tlasa modumo wa Video ya bobedi ya 31 ya pina e sa hlahiswang e arolelanwang ke Yuppe akhaonteng ya hae ya Tik Tokka la 17 Pherekgong 2024.
Modumo ona o na le divideo tse ka bang 720 000 tse entsweng botjha ka tlasa yona, ke baqapi ba ditaba ba neng ba nka karolo phephetsong ya motjeko.
Ho hlakile hore pina ena e tla tswela pele ho etsa maqhubu matjhabeng, ka pina ena, ho nale bokgoni ba ho etsa hore batho ba tantshee, mme ba hokahane le mmino.



