ANC e Foreistata e re e malala-a-laotswe ka kopano ya yona ya dikgetho, e shebilweng ka mahlo a mafubedu, moo teng ba etapele ba mokga profinsing ba tlilong ho kgethwa.
Sena setla ka mora di tjhetjhiso tse mmalwa ho tloha ka 2018, moo teng mokga oneng o hulana ka morao.
Maloko a mang ha a thabele Komiti ya Nakwana ya Provincial Committee (IPC), mme ha jwale ba hlahletse dipampiri tsa lekgotla hore e qhalwe.
Leha ho le jwalo, komiti e rera ho tswela pele ka seboka sena hamorao kgweding ena.
Mohokahanyi wa IPC wa Free State ANC, Mxolisi Dukwana, o re ho fapana le maikutlo a hore ba hana ho tshwara seboka sa dikgetho, ba itokisitse.
“Mehaho e se e lokile. Qholotso eo re tobaneng le yona e bile tshebetso ena ya ho kenya ditho tsa ANC ka mokgwa wa digital, e leng dikhoutu tsa QR. Hang ha sena se lokiswa, re loketse ho tswela pele.”
“Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, ya bohlokwa ho feta ho ya kopanong, ha e le hantle ke ho etsa hore batho ba utlwisise hore na tsosoloso ena e mabapi le eng.
“Okeke wa fetola dintho haeba o sa fetole maikutlo a hao, haeba o sa fetole tsela eo o nahanang ka yona. Bona dintho, mme sena ke seo re sebetsanang le sona,” wa eketsa.
O re ha ho na letsatsi le behilwoeng bakeng sa seboka sa profense, empa “ba entse dikgothaletso ho Komiti ya Phethahatso ya Naha (NEC)”.







