Khalipa o hana ho theoha setulong, o re ‘ha ho na moo ke yang!’

Matjhabeng e keneletse merusung ya dipolotiki ka mora Leki ya Batjha ya African National Congress, e phatlalatse hore e batla ho itokolla mosebetsing ha ramotse wa Mmasepala wa Lehae wa Matjhabeng Thanduxolo Khalipa – empa Khalipa ya dilemo di 61 o re haona moo a yang teng.

Ka la 28 Phuptjane, Leki ya Batjha ya ANC (ANCYL) e ile ya ngodisa matshwenyeho a yona mabapi le boitshwaro bo sa lokang ba Khalipha, eo, ho ya ka bona, a iphapanyetsang dipehelo tsa kgato ka thoko ka boomo.

Ba re o etsa sena ka maikutlo a thetsang a hore o moholo ho feta mokga wa ANC.

ANCYL e re melawana e hlakile hore moo setho, ofisiri kapa moemedi wa setjhaba a hanang ho itokolla, ho sa natswe qeto ya komiti e kgolo ya naha (NEC) kapa komiti e kgolo ya profense (PEC) hore a etse jwalo, mokgatlo o ka emisa motho mme wa beha dipehelo le maemo ho laola ho nka karolo ha bona le boitshwaro nakong ya ho emiswa.

ANCYL e re hwa tsebahala hore nyewe ya botlokotsebe e ile ya bulwa kgahlanong le ramotse ka la 28 Hlakola mme a qoswa ka molao ka la 17 Mmesa.

Khalipha o ile a hlaha lekgotleng la dinyewe ka la 24 Motsheanong, mme o tla hlaha hape ka la 20 Phato.

Ke ka lebaka lena ANCYL e ipiletsang ho matswalo a boetapele ba ANC ho beha ka thoko Khalipha ka lebaka la ho hana ho itokolla.

“Sena ke sesupo sa ka boomo hore Khalipha ha a tsotelle boitlamo ba mokgatlo wa ho intjhafatsa.

“Boitshwaro bona ba Khalipha bo bakile ho theoha ha tshehetso ya dikgetho ka madimabe, ho etsa Matjhabeng sebaka se le seng feela sa Lejweleputswa se sa kang sa ntlafala diphethong tsa dikgetho tsa sona,” ho boletse Ayanda Madona, mmuelli wa lebatowa wa Liki ya batjha polelong eo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »