- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Batjha ba Bronville le Hani Park ba ile ba etsa mohwanto o lebileng dikantorong tsa Harmony Mine Masimong Welkom, ka la 3 Phupu. Lebaka e le ho isa lengolo la bona la ditletlebo ho ba ka sehloohong morafong ona.
Tony Mositoane e leng e mong wa ba neng ba etelletse pele mokgopi ona wa batjha, ha a bua le Kasi Voice News o ile a re ba ile moo ho lo bua ka mathata ao ba nang le ona e le setjhaba sa Bronville Cluster, Ward 24,23 le 11.
“Harmony Mine e re etseditse ditshepiso empa re fumana hore ditshepiso tseo tsa bona ha ba di phethahatse. Ha o ka sheba ka hara metse ya rona, tshebetso ya bona e a tsamaya empa ha re une molemo.
Ba dula ba ntsha ditlaleho tse reng hona le seo ba re etseditseng sona empa rona ha re se bone seo”ho boletse Mositoane.
Ha a tswelapele Mositoane o ile a re, hona le peipe ya dikgwerekgwere e tswang morafong ona e tsamayang ka hara motse wa bona mme e bakile dikgwerekgwere, ebile sena se amme baahi hampe kahoo ba batla motho ya tlang ho nka boikarabelo ho seo.
O tswetse pele ka hore ba tlo fana ka lengolo la bona la ditletlebo mme ba ba jwetse seo ba se batlang e bang ba ka hloleha ho araba nakong ya matsatsi a mabedi ba tlo kwala ntho e nngwe le e nngwe.
E mong wa batjha ba neng ba le teng moo, o itse le yena o nkile karolo mohwanto ona hobane e se e le nako e telele a hloka mosebetsi mme o batla hore morafo ona o mo fe mosebetsi.
Kholisile Jikajika e leng e mong wa baetapele ba mohwato ona o ile a bala dikateng tsa lengolo la ditletlebo, a le balla Tshediso Mantje e leng HR ya morafo wa Harmony Foreisetata.
“Bronville le Hani Park ke metse e potapotilweng ke merafo, empa baahi ha ba fumane melemo ho tswa ho merafo eo.
Kgale re thotse ka nako e telele. Re kgathetse ke tshwaro ena e mpe.”
Seo ba llang ka sona ke hore morafo ona o kenye letsoho ka ho thusa thutong le matlafatsong ya tsebo, seo ba ka se etsa ka ho fana ka thuso ya ditjhelete le ho fana ka menyetla ya kwetliso.
E nngwe hape ke menyetla ya mesebetsi, ba batla hore morafo ona o fe baahi ba bona mosebetsi.
Melemo e ka hara motse, sena e ka ba ditshebeletso tseo ba ka fanang ka tsona jwaloka, ho etsa ditsela, ho thusa dikolong tse ka hara motse, ho etsa kitjhini e fanang ka dijo. Ba lokise bothata ba peipe ya dikgwerekgwere.
Ba kenye letsoho ho dihlopha tsa dipapadi tse ka hara motse. Ba fe borakonteraka ba ka hara motse menyetla.
Jikajika o qetelletse ka hore ba a tshepa ebile ba dumela hore ditletlebo tsa bona di tla wela tsebeng tse utlwang.
Mme ba fana ka matsatsi a mabedi hore ba fumane dikarabo ka mokgwa wa diketso kapa dikopano tse nang le tswelopele.
E bang sena se ka hloleha ho phethahala ba tlo kwala ntho e nngwe le e nngwe ya morafo ona, mme ba a tshepa ebile ba dumela hore maemo ha a hlokahale hore a be a fihle moo.
“O se ke wa ema ka pela monna ya kgannwang ke lephako,” ho boletse Jikajika.
Mantje ha a amohela lengolo, o ile a re ho hlokahala hore ho be le dikopano tseo ba tlang ho fana ka dikarabo mme o llile ka hore nako eo ba e fuweng e nyane haholo empa ba tla bua le baetapele hore na ba tla kopana jwang.









