Ditopo tsa basebetsi ba seng molaong ba Lesotho dikgomaretse ka tlasa lefatshe Moepong wa Virginia

Ho dumelwa hore basebetsi ba seng molaong bamerafong ba fetang mashome a mararo a motso o mong (31) bao ho belaellwang hore ke matsoallwa a Lesotho, ba hlokahalletse moepong wa Virginia, sena se netefaditswe ke Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le Matla.

Lekala le itse Lekala la ditaba tsa kantle le dikamano tsa Matjhabeng la Lesotho le tsebisitse ofisiri e Phahameng ya Afrika Borwa ka ketsahalo ena.

“Ho bonahala eka batho bao ho belaellwang hore ke basebetsi ba merafong ba hlokahetse ka la 18 Motsheanong 2023 ka hara moepo wa ho kenya moya wa merafo o qetetseng ho sebetsa ka bo-1990,” ho rialo Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le Matla, Afrika Borwa.

“Le hoja ditaba tse mabapi le boemo bona bo bohloko di hlaha hang-hang, re etsa ka hohle se matleng a rona ho nka kgato mabapi le ditaba tsena, ho kenyeletswa le tlhahisoleseding mabapi le ditopo tse tharo tseo ho tlalehilweng hore di nkilwe le ho tliswa hodimo ke basebetsi ba bang ba merafong ba seng molaong,” lefapha le hlalositse.

Lekala le itse le sebetsa ka tshebedisano mmoho le beng ba morafo ba nakong e fetileng, Harmony tabeng ena, leha ho le jwalo, bahlahlobi ba hlahlobile boemo bona mme ba fumana hore boemo ba methane sebakeng sa Shaft 5 sa merafo bo phahame haholo.

“Kahoo, hona jwale ho kotsi haholo ho romela sehlopha sa dipatlisiso ho shaft. Leha ho le jwalo, re ntse re nahana ka mekgwa e fapaneng ya ho sebetsana le boemo ka potlako, “lefapha le boletse.

Harmony e netefaditse hore bafu e ne e le ditho tsa mokgatlo o seng molaong wa merafo oo ka tlwaelo o bitswang di-Zama-Zama.

Max Manoeli, mookamedi wa dikgokahano lefapheng la ditaba tsa kgwebo la Harmony Gold, o bolelletse Kasi Voice News hore sehlopha seo ho thwe se ile sa hlasela merafo ya Harmony ka diqhomane le hore ba ile ba futuhela morafo oo e leng kgale o kwetsoe mme o sa bolokeha hore o ka sebetsa.

“Shaft e qetetse ho sebetsa dilemong tsa bo-1990, mme re na le nyewe e tebileng moo, bo di-Zama Zama ba epang diminerale mekoting e seng e sa sebetse, mme ba etsa sena ntle le molao,” ho bolela Manoelli.

Mabapi le ho lata ditopo tse neng di qabeletswe, Manoelli o re bahlahlobi ba hlahlobile maemo mme, ba fumane hore maemo a methane ka hara shaft ya bohlano (5) ya morafo a phahame haholo.

“Ho kotsi haholo ho romela sehlopha sa dipatlisiso shaft ena. Sena se bolela hore ditopo tsena di tla tlohelwa ka tlasa lefatshe hajwale,” ho tlaleha Manoelli.

Moferefere wa merafo o seng molaong Afrika Borwa

Meepo e seng molaong e jella moruo wa Afrika Borwa tjhelete e kaalo ka R21 bilione ka selemo.

Mmuso o ile wa tshwaya ditshoso tsa merafo e seng molaong tse kang ho kwalwa ha nakwana ha merafo ya kgwebo, basebetsi ba merafong ba seng molaong ba qabelletsweng ka tlasa lefatshe mme ka ho fetelletseng, lefu kapa dikgobalo tsa basebetsi ba merafong ba seng molaong.

Keketseho e ntseng e eketseha ya pefo pakeng tsa dihlopha tse hlodisanang, tse hlometseng haholo ke ntlha e nngwe e tshwenyang.

Ciaran Ryan, setsebi sa merafo, o ile a senolela Kasi Voice News hore, mokgwa wa ho sebetsana le bareki bana ba di-Zama Zamas ke ho ba kenya moruong o hlophisitsweng ka ‘ho ba etsa barekisi ba kgauta ba nang le tumello. Ka tsela ena, ba ba tla tlameha ho lefa lekgetho la kgauta le dirafshwa tsa bohlokwa, mme hona ho tla theola ketso ya morafo oseng molaong.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights