Masepala wa selehae wa Maluti-A-Phofung o thakgotse lenaneo la ona la ho nkela dimithara tsa motlakase o sa leshwang, tse seng di sa sebetse, tse nang le phoso le tse fetisitsweng ka thoko ho phatlalla.
Mmuelli wa masepala Thabo Kessah o re mafelong a Mmesa, tshebetso ya ho kenya diwate tsohle e tlameha ho phethelwa.
“Masepala o leka mekhoa eohle e ka khonehang ho bokella tjhelete ho fana ka motlakase o tsitsitseng ho baahi.
“Ho fana ka ditshebeletso ho tla nehwa baahi ha ba qala ho lefella motlakase,” ho bolela Kessah.
“Ha nako e fihla, dimithara tse lefshwang pele di tla kgaotsa ho amohela di-tokens tse ntjha tsa mokitlane mme ditla kgaotsa ho fana ka motlakase ka mora hore dikoloto tse teng disebediswe,” ho boletse Kessah.
O ile a phaella ka hore di-tokens leha e le dife tse hlahiswang ka mora letsatsi lena di tla hanelwa ke dimithara e le di-tokens tsa kgale.
“Ke kopa bareki ba nang le dimithara tse amehileng ho sebedisana le basebeletsi ba masepala ha ba fihla meahong ya bona ho tla ntlafatsa kapa ho fetola dimithara tsa bona,” ho ekeditse Kessah.
Ha jwale, masepala wa Maluti-A-Phofung e kolota Eskom dibilione tsa diranta.





