Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana

Sepolesa sa Motse-Thabong, Welkom se letsholong la ho batlana le mosadi ya iphileng dimenyane ka mora ho nyahlatsa lesea le sa tswa belehwa hekeng ya difolete tsa Dagbreek ka Sontaha sa la di 18 Phato 2024 ka 07:45 hoseng.

“Re fumane tletlebo ho e mong wa batho ba dulang difoletng tseo tsa Dagbreek, ba re ba fumane lesea la moshemane le sa tswa belehwa le behilwe fatshe le sa apara hekeng, ”mmuelli wa sepolesa seterekeng sa Lejweleputswa Stephen Thakeng.

Thakeng o tswetse pele ka hore ho butswe nyewe ya teko ya polao mme diphuputso ntse di tswelapele.

Motho ofe kapa ofe ya ka bang le lesedi le ka lebisang ho fumanweng ha mosadi eo, o koptjwa ho letsetsa lepolesa le fuputsang ketsahalo ena eleng, Sinah Mvundle of FCS ho 078 095 7328 kapa 08600 10111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »