Vivian Khumalo (67) o batla beng ka eena, mosadi le bana ba hae

Vivian Khumalo ya dilemo di 67 o batla mosadi wa hae, bana le beng ka eena, sena se tla kamora hore a robatswe Sepetlele sa Nala Bothaville.

Ho ya ka sebuelli sa seponesa sa Lejweleputswa, captain Stephen Thakeng, Khumalo o ile a tliswa sepetlele ka la 26 Hlakubele 2022 ke rapolasi ya itsebisitseng ka lebitso la Willie.

Willie o ile a re o kopane le Khumalo motsemoholo Johannesburg, mme a mo tlisa Bothaville hore a tle a sebetse polasing ya hae.

Thakeng o boetse a re sepetlele se fumane Vivian Khumalo a na le bothata ba kelello ha a ntse a alafshwa sepetlele sa Nala Bothaville. Yaba o fetisetswa sepetleleng sa Kroonstad moo a ileng a phekolwa mme a hlaphohelwa.

Khumalo o ile a bolella mapolesa hore mosadi wa hae ke Castor Gumede, moradi, Lindiwe Khumalo, mora wa hae Dumisane Khumalo le moena wa hae Matthew Khumalo. Ho bonahala a tswa Vreyheid Kwazulu Natal.

Leha a hlaphohetswe, Khumalo o ntse a le sepetlele kaha ho batlwa beng ka eena ho mo kgutlisetsa hae.

Haeba ho na le ya mo tsebang kapa ba lelapa la hae, ka mosa ikopanye le Monghadi Solomon Lie wa sepetlele sa Nala ho 073 3514 373 kapa a romelle lengolo-tsoibila ho lieesolomon38@gmail.com.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights