Monna wa molata o hlahelletse ka pela lekgotla la dinyewe Ventersburg

Monna a dilemo di 34, wa molata, a tshwaretsweng ho hweba ka matekwane ka la 14 Hlakola, o hlahelletse ka pela lekgotla la dinyewe la masetereta wa Ventersburg ka di 15 Hlakola.

Stephen Thakeng mmuelli wa sepolesa sa setereke sa Lejweleputswa o tlaleha hore, Sanele Christopher Mkhonta o tshwerwe ka Laboraro, la di 14 Hlakola, tshebetsong ya ho kwalwa ha tsela Ventersburg le Kroonstad, ke ditho tsa sepolesa sa setereke sa Lejweleputswa, Welkom K9 Unit, SANDF le kantoro ya tsa selehae.

“Makoloi a 66 le batho ba ile ba phenyekollwa. Ha tshebetso ena e ntse e tswelapele ya ho kwalwa ha tsela, koloi e nngwe e ile ya ema sebaka se ka bang dimetara tse 400 ho tloha moo tsela e kwetsweng teng, mme ditho tsa Welkom K9 Unit di ile tsa hlokmela seo yaba di kena koloing ho ya etsa diphuputso.

Ba fumane monna a patile mokotla o dipalesa ka hodima leralla hlatheng,” ho bolela Thakeng.

Sepolesa se ile sa mo atamela mme sa setjha mokotla oo, ke moo ba ileng ba fumana diphuthelo tse 43 tsa matekwane a Swaziland tse bekgang 20,233 kg mme di na le boleng ba tjhelete e ka bang R73 000.

Mkhonta o ile a hlahella ka pela lekgotla la dinyewe la masetereta wa Ventersburg, ka di 15 Halakola, mme nyewe ya hae e tjhetjhisitswe ho fihlela ka di 20 Hlakola moo a tlang ho etsa kopo ya beile.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights