- Babelaellwa ba babedi ba tshwerweng ka ditlamatlama tsa dithethefatsi tsa Khatedulis batla hlahella ka pela lekgotla la dinyewe ka la 4 Mmesa - April 4, 2024
- Karabo Phoshoane- a resilient charismaticpublished author destined for success - April 3, 2024
- Meet Kamohelo Motloung, a positive-minded Manager of the South African Computer Olympiads - March 30, 2024
Mapolesa a Welkom K9 Unit a tshwere mokganni (40) wa bese le Mothusi (41) wa hae, ka mora hore ho fumanwe mabokose a 18 a kentseng dimela tsa dithethefatsi tsa Khatedulis ka beseng eo ba neng ba e kganna mmileng, haufi le Ventersburg, ka di 2 Mmesa 2024.
“Re fumane lesedi ho tswa Free State Counter Narcotics ka bese e tsamayang tseleng ya N1, ho tloha Gauteng ho ya Motse Kapa e nkileng dithethefatsi,” Ho hlalosa Mmuelli sa sepolesa Stephen Thakeng.
Ka hoo, ba ile ba hla ba phahamela mapoqo, ba fumana tumello ya hore ba phenyekolle bese eo hang ha ba e fumana, ke moo ba ileng ba fumana dikoranta tse mongobo tse nang le diphuthelwana tse 3880 tsa dimela tseo e leng dithethefatsi di kentswe ka hara mabokose a 18, a ka ba boleng ba R116 400.
Ho tlalehilwe hore babelaellwa bana, bare ba amohetse mabokose ana ho tswa bathong ba neng ba palame koloi e tshweu ya Toyota Quest sedan, Tolegeiting ya Grasmere, mme ba fuwe R2000 ho isa mabokose ao Motse Kapa.
“Lebitsong la SAPS, re theholetsa mosebetsi o kgabane o entsweng ke Constable Jacobus van Wyk, Lebohang Khuto, Khanyisa Ntoyi le Sergeant Velaphi Mtjale ba Welkom K9 Unit ka ho tshwara babelaellwa bana,” Ho boletse Thakeng.
Babelaellwa bana batla hlahella ka pela lekgotla la dinyewe la maseterata ka di 4 Mmesa 2024.