Babelaellwa ba belaellwang ka hoba le seabo dipolaong tsa Selosesha ba hlahelletse ka pela lekgotla la dinyewe

Batho ba tsheletseng ba ka bang pakeng tsa dilemo tse 17 le 29, ba belaellwang ka hoba le seabo dipolaong tsa Selosesha/Botshabelo, ba hlahelletse ka pela lekgotla la dinyewe la masetereta wa Selosesha, ka Labohlano la di 16 Hlakola.

Sepolesa se ile sa fumana ditopo tse nne, se seng se sena hlooho, pela noka ya Sepone.

Ka mora ho fumana hlooho sepolesa se ile sa tshwara babelaellwa ba tsheletseng, ba belaellwang ka ho ba le seabo dipolaong tseo.

Sepolesa se ile sa etsa phunyelletso nakong eo diphuputso di ba lebisang sebakeng seo hlooho e leng teng.

“kaofela ditopo tseo tse nne, tse pedi tsa basadi, tse pedi tsa banna, di ne di na le maqeba a ho hlajwa mme di fumanwe di le haufinyanya le tse ding, pela noka e nang le dimela tse teteaneng ka mahlakoreng N8, haufi le seporo sa terene.

Sehlopha sa bafuputsi ba hlwahlwa se ile sa sebetsa ka thata mme sa tshwara babelaellwa bana ba tsheletseng, ba ileng ba hlahella ka pela lekgotla la dinyewe la masetereta wa Selosesha, ka di 16 Hlakola.

Ba qoswa ka polao ya batho ba bane, tlatlapo, hoba le sethunya se seng molaong le ho ba thepa ya boshodu” mmuelli wa sepolesa sa Mangaung, Thabo Covani.

Baqosuwa ba tla hlahella hape ka pela lekgotla la dinyewe la maseteretawa Selosesha, ho tla etsa kopo ya beile ka di 23 Hlakola.

Ka baka la bohlokolosi ba nyewe le diphuputso tse ntseng di tswelapele, mabitso a baqosuwa a ke ke a phatlallatswa mothating ona.

Mokomishinara wa sepolesa sa profense ya Foreistata, Lt Gen Baile Motswenyane, o thoholeditse ditho tsa sepolesa ka tshebetso ya bona e ntle. “Sena se tla tlisa qetelo ho ba malapa, ditho tsena tsa sepolesa di entse mosebetsi o kgabane”.


Motho o fe kapa o fe ya ka bang le lesedi le ka thusang diphuputsong o koptjwa ho letsetsa Colonel Bolsiek ho 082 466 8530 kapa 0860 10111 kapa a fane ka tlhaisoleseding ho MySAPS App.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights