- Empowering futures: Samsung Innovation Campus graduates transform into future tech leaders - October 2, 2024
- DA condemns mayoral vehicle worth a whooping R700k - August 28, 2024
- Welkom residents live in fear after double shooting tragedy - August 18, 2024
Democratic Alliance (DA) profenseng ya Foreisetata e re ramotse Mamsie Tsoene ha a na mosebetsi mme ha a tshepahale polelong tsa hae, sena se latela boipiletso ba hae ha a ne a hopotsa baahi ba Ladybrand hore ke tokelo ya bona ho latela Molao wa Motheo ho ba le mobu, empa a nyatsa tlhaselo e seng molaong ya mobu.
“Maitekong a hae a ho sebetsana le taba ena e potlakileng ya ho nka mobu ka tsela e seng molaong, ramotse ha a lokela ho sireletsa ditho tsa lekgotla la hae tse tshehetsang le ho ntshetsa pele tlhaselo e seng molaong ya mobu,” ho bolela moetapele wa DA sebakeng seo Tim Mpakathe.
Tlhaselo e seng molaong ya mobu karolong ya 20 ya polasi ya Dorpgronde, Ladybrand No 451 e bapileng le tsela ya R26, moo meaho e ka bang 150 e ahilweng ke sesosa se tshwenyang haholo.
Ka Labohlano la la 28 Phuptjane 2024 nakong ya seboka sa Lekgotla le Kgethehileng, ramotse Mamsie Tsoene o ile a hopotsa baahi ba Ladybrand hore ke tokelo ya bona ya Molao wa Motheo ho ba le mobu, empa a nyatsa tlhaselo e seng molaong ya mobu.
Baahi ba ile ba bolela hore setho se seholo sa ANC sa lekgotla la Mantsopa se ba bolelletse hore ba e’o aha meaho ya bona ya masenke ka R26 e tsejwang hape e le “Fethelazeng”.
“Ha re ntse re pheta mantsoe a ramotse a hore tlhaselo e seng molaong ya mobu e ke ke ya mamellwa, re boetse re mo hopotsa ka boikarabello ba mmasepala ba ho netefatsa phihlello ya matlo a nepahetseng.
Haeba masepala o ne a e-na le moralo o nepahetseng wa ntshetsopele ya libaka le moralo ya tshebetsong o tsamaellanang ka ho lekaneng sebakeng, tlokotsi ena e ka be e ile ya qojwa,” Mpakathe o boletse.
DA e itse e tla beha boemo bona leihlo ka tjantjello e kgolo kaha ramotse a bontshitse hore lekgotla le fumane lengolo la ho leleka baahi.
“Mmasepala o tlameha ho tsamaya ka lebelo ho netefatsa hore ntshetsopele mabapi le ho arola dibaka sebakeng seo e ya etsahala, mme bajalefa ba nang le tokelo setsing sasa masepala ba abelwa dibaka ka ho latela,” mokga wa DA o boletse.