Mokomishenara wa batjha o etella pele setereke sa Lejweleputswa

Setereke sa sepolesa sa Lejweleputswa se ile sa tshwara dikgetho tsa mokomishenara wa batjha mme se ile sa hloma baithuti ba 17 e le karolo ya ho kgetha mokomishenara wa batjha seterekeng seo.

Porojeke ya mokomishenara wa batjha e theilwe Afrika Borwa e le mokgwa wa ho etsa hore batjha ba be le seabo twantshong ya botlokotsebe. Mokomishenara wa batjha o tla sebetsa le mokomishenara e moholo.

Ba tla etsa mosebetsi wa ho ruta bomphato ba bona le ho emela ba ba etelletseng pele.

Mohopolo wa ho hlaisa porojeke ena ya mokomishenara wa batjha e ne e le ho hlasela mathata a kang tlhekefetso ya dithetefatsi le dintwa dikolong.

Ka Hlakubele ka di 22, lefapha la thuto ya motheo le eteletswe pele ke Monghadi Tshabangu, boetapele ba SAPS, Youth Desk le bana ba sekolo ba nkile karolo ho kgetha mokomishenara wa batjha.

Seteishene se seng le se seng sa sepolesa ka hara setereke sa Lejweleputswa se ne se e na le kemedi.

Mokomishenara wa sepolesa sa Lejweleputswa, Major General Tholie Alonso a ena le MoBrigadier Mzondi Mojafi, Deputy District Commissioner, le Captain Dlamini, District Community Policing Officer(CPO) ka lehlakoreng la hae.

Naledi Njikelana ya dilemo tse 14 ebile e le moithuti wa kereiti ya 9 sekolong se phahameng sa Lephola o tlotluwe ka boemo ba pele ba hoba mokomishenara wa batjha.

Maj General Afonso puong ya hae pele dikgetho di qala, o kgothaditse baithuti ka ha yena.

O entse sehlopha sa 10 sekolong se phahameng sa Bahale, Phomolong Hennenman ka selemo sa 1990.

O ile a kena kwetlisong ya bopolesa a ba a qeta ka sona selemo seo.

A sebetsa e le lekonsetabole seteisheneng sa sepolesa sa Hennenman. Ka 1993 a qala ho sebetsa e le lefokisi ho fihlela a bewa maemong a hoba Major General.

Ka 2010 o ile a bewa maemong a ho ba Brigadier e le motsamaisi wa seteishene sa Welkom.

A bitswa ho ba lefokisa la profense yaba ka 2011 o hlwauwa e le letsoho la Provincial Commissioner Crime Detection.

Ka Tshitwe 2017 ho isa ho Hlakubele 2018 o ile a sebetsa e le mokomishenara wa nakwana wa profense.

Ke moithuti wa Phd hape ke mohlahlobi ya netefaditsweng wa tsa bomenemene.

O tswetsepele ho kgothalletsa moithuti ya tla kgethwa e le mokomishenara wa batjha hore e be moemedi wa bona le hore a be le maikemisetso a ho ithuta. Mme a ba lakalletsa katleho.

Mokomishenara wa sepolesa sa Lejweleputswa Major General Tholie Alonso o thoholeditse moithuti Naledi Njikelana mme a tswelapele ho mo lakaletsa botle ka mosebetsi wa hae o motjha le ho ithuta haholwanyane ka bopolesa le boetapele.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights