- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Lefapha la tsa selehae, le utullotse bobodu ba di-visa le ditokomane tsa tumello ya ho dula naheng tse ka bang 300 000.
Ho ekelletsa moo, ha jwale, lefapha le ntse le itokisetsa ho fana ka batho ba bang ba 94 ho di Hawks bakeng sa dipatlisiso tse ding, ntle le dinyewe tse 28 tse seng di fetiseditswe mookamedi wa ditlolo tsa molao tse boemong bo hodimo.
Lefapha la tsa selehae le bile tlhahlobong e telele ya selemo, ho hlahlojwa difaele ho latela diphuputso tse ikemetseng tsa bobodu ba di-visa lefapheng le bileng teng dilemo tse mashome a mabedi tse.tlaleho eo e tsejwa ka hore ke tlaleho ya Lubisi.
Nakong ya ntlafatso ya morao-rao Palamenteng, ho ile ha senolwa hore ho bile le di-Visa le tumello tse 307 178 tse hlwailweng.
Ho feta moo, diofisiri tse 34 di nnile tsa ameha dinyeweng tsena. hape, ho utullotswe hore tlhahisoleseding ya bomenemene ya bongaka e kentswe le dikopo tsa visa, ho kenyelletsa le dinyewe tse 78 tsa direkoto tse belaetsang tsa bongaka, le tse 46 tsa ditlaleho tse belaetsang tsa radiology.
Leha ho le jwalo, letona la Lefapha la tsa selehae Aaron Motsoaledi, o itse ha se diofisiri tsohle tse amehang tse emisitsweng ha ho ntse ho etswa dipatlisiso.
“ho itshetlehile ka mofuta wa nyewe, le mofuta wa mosebetsi oo motho a o entsang, hore na motho eo o tla ama dipatlisiso jwang,” ho boletse Motsoaledi.





