Rise Mzansi e hlwaya dibaka tse nne tse tsepamisisang maikutlo ho tsosolosa Foreisetata

Mokga wa Rise Mzansi o eme ka maoto ka ha o shebane le ho hapa bomasepala ba Foreisetata, haholo-holo Matjhabeng le Mangaung.

Mokga ona wa dipolotiki o ntse o etsa letsholo ka matla dibakeng tsena ka sepheo sa ho fumana tshehetso le dikgethong tse tlang tsa se lehae.

Moetapele wa Rise Mzansi, Songezo Zibi, o totobaditse dibaka tse nne tsa bohlokwa Foreisetata tse hlokang tlhokomelo ya kapele le e tsepamisitsweng.

Masepala wa Matjhabeng, o fumanehang Seterekeng sa Lejweleputswa porofenseng ya Foreisetata, esale e le sepheo se seholo sa mokga wa Rize Mzansi. “Masepala o tobane le diqholotso tse amanang le puso, tsamaiso e mpe ya ditjhelete, le ho hloleha ha phano ya ditshebeletso<‘ ho rialo Zibi.

Mokga wa Rize Mzansi o tlile ka maano a fapafapaneng masepaleng wa Matjhabeng hore baahi ba voutele mokga ona dkgethong tse tlang ka la 29 Motsheanong.

Zibi o re, “Ho sebetsana le ditaba tsa puso ho bohlokwa haholo. Bomasepala ba aparetsweng ke bobodu jwalo ka masepala wa Mangaung, ha ba bone ntlafatso e nyane leha ba le tlasa puso ka dilemo tse ngata.”

“Taba ya bobedi, lekala la tlhahiso le neng le le matla ka borwa ho Foreisetata le ponne, mme le hloka ho tsosoloswa,” ho eketsa Zibi.

Tsepamiso ya maikutlo ya mokga wa Rize Mzansi mabapi le ho shebana le bomasepala ba Foreisetata e kang Matjhabeng le Mangaung e totobatsa maikemisetso a yona a ho atolosa boteng ba yona ho feta dibaka tse neng di le thata, ka ho sebedisana le baahi ka maano, ho rarolla mathata a lehae, le ho itlhahisa e le mokgwa o mong wa dipolotiki tse tlwalehileng.

Zibi o re mokga, o ikemiseditse ho ba le tshusumetso e ntle dikgethong tse tlang tsa se lehae.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights